Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

KGAOLO YA 52

Ke Hobaneng ha re Lokela ho Apara le ho Shebahala Hantle?

Ke Hobaneng ha re Lokela ho Apara le ho Shebahala Hantle?

Kaofela re rata ho ikgethela hore na re tla aparang le hore na re tla itokisa jwang. Haeba re mamela dithuto tsa Bibele, re ntse re ka kgona ho ikgethela hore na re tla aparang re be re thabise Jehova. A re boneng hore na Bibele e reng ka taba ena.

1. Ke dintlha dife tse tswang ka Bibeleng tse ka re thusang ha re kgetha hore na re tla apara jwang?

Re lokela ho apara ka tsela e “hlophehileng hantle, ka boitlhompho le ho hlaphohelwa kelellong,” mme re dule re hlwekile re bontshe hore re “fa Modimo tlhompho ya borapedi.” (1 Timothea 2:9, 10) Nahana ka dintlha tsena tse nne: (1) Moaparo wa rona e lokela ho ba o “hlophehileng hantle.” Jwalo ka ha o bone dibokeng tsa rona, batho ba Jehova ba na le ditsela tse sa tshwaneng tsa ho itokisa. Empa moaparo wa rona le tsela eo re lokisang moriri ka yona, e bontsha hore re hlompha Modimo eo re mo rapelang. (2) Ho apara “ka boitlhompho,” ho bolela hore tsela eo re shebahalang ka yona ha e etse hore batho ba bang ba be le maikutlo a fosahetseng ebile ha e etse hore ba shebe rona feela. (3) Re bontsha “ho hlaphohelwa kelellong” ka hore re se ke ra latela feshene e nngwe le e nngwe e kenang. (4) Ka mehla tsela eo re shebahalang ka yona e lokela ho bontsha hore re fa “Modimo tlhompho ya borapedi,” e le hore batho ba bang ba ka bona hore re rapela Modimo wa nnete.​—1 Bakorinthe 10:31.

2. Tsela eo re shebahalang ka yona e ka ama badumedimmoho le rona jwang?

Le hoja re na le bolokolohi ba ho kgetha hore na re batla ho aparang, re lokela ho nahana hore na tsela eo re aparang ka yona e tla ama batho ba bang jwang. Re leka ka hohle hore ho se ke ha ba le motho eo re mo kgopisang empa re “kgahlise moahelani wa [rona] ho se leng molemo bakeng sa ho mo haha.”​—Bala Baroma 15:1, 2.

3. Ke jwang tsela eo re shebahalang ka yona e ka etsang hore batho ba batle ho ithuta ka Jehova?

Ka mehla re leka ho apara ka tsela e loketseng maemo a fapaneng empa ha re ya dibokeng le ha re ilo buisana le batho ka Bibele, re ela hloko le ho feta hore na re shebahala jwang. Ha re batle hore batho ba sitwe ho mamela molaetsa wa rona ka lebaka la tsela eo re apereng ka yona. Empa re batla hore moaparo wa rona o etse hore batho ba batle ho ithuta ka Modimo le hore o ‘kgabise thuto ya Mopholosi wa rona.’​—Tite 2:10.

ITHUTE DINTLHA TSE DING

Ithute hore na ke jwang re ka etsang bonnete ba hore tsela eo re aparang ka yona e loketse Bakreste.

Tsela eo re shebahalang ka yona e ka bontsha hore na re hlompha ba boholong kapa tjhe. Ke nnete hore Jehova o bona se ka dipelong tsa rona, empa tsela eo re shebahalang ka yona le yona e lokela ho bontsha hore re a mo hlompha

4. Ha re shebahala hantle re bontsha hore re hlompha Jehova

Lebaka le ka sehloohong le etsang hore re ele hloko tsela eo re shebahalang ka yona ke lefe? Bala Pesaleme ya 47:2 ebe le buisana ka dipotso tsena:

  • Ho hopola hore moaparo wa rona o ama tsela eo batho ba bang ba nkang Jehova ka yona ho lokela ho etsa hore re apare jwang?

  • Na o nahana hore re lokela ho ela hloko tsela eo re aparang ka yona ha re ya dibokeng le ha re ya mosebetsing wa ho ruta batho Bibele? Ke hobaneng ha o tjho jwalo?

5. Keng e ka re thusang hore re apare re be re itokise hantle?

Bapala VIDEO.

Ebang diaparo tsa rona di a tura kapa ke tsa theko e tlase, di lokela ho dula di hlwekile ebile di loketse diketsahalo tseo re leng ho tsona. Bala 1 Bakorinthe 10:24 le 1 Timothea 2:9, 10. Ka mora moo buisanang ka hore na ke hobaneng ha re lokela ho qoba ho apara . . .

  • ka tsela e bohlaswa kapa e bontshang ho se tsotelle.

  • diaparo tse penyang, tse sa kwaheleng mmele hantle kapa tse etsang hore batho ba bang ba be le menahano e fosahetseng.

Le hoja Bakreste ba se tlasa molao oo Modimo a neng a o file Moshe, molao oo o ba ruta hore na Jehova o ikutlwa jwang. Bala Deuteronoma 22:5 ebe le buisana ka potso ena:

  • Ke hobaneng ha re lokela ho qoba moaparo o etsang hore banna ba shebahale jwalo ka basadi kapa basadi ba shebahale jwalo ka banna?

Bala 1 Bakorinthe 10:32, 33 le 1 Johanne 2:15, 16 ebe le buisana ka dipotso tsena:

  • Ke hobaneng ha re lokela ho ela hloko hore tsela eo re aparang ka yona e se ke ya kgopisa batho ba sebakeng seo re dulang ho sona kapa batho ba bang ka phuthehong?

  • Ke mekgwa efe ya ho apara le ho itokisa e tlwaelehileng sebakeng seo o dulang ho sona?

  • Na o nahana hore mekgwa e meng ha e a lokela Bakreste? Ke hobaneng ha o tjho jwalo?

Re ntse re ka kgona ho apara ka ditsela tse ngata tse fapaneng empa e le tse thabisang Jehova

BATHO BA BANG BA RE: “Ke na le tokelo ya ho apara ntho e nngwe le e nngwe eo ke e batlang.”

  • Na o dumellana le bona? Ke hobaneng ha o tjho jwalo?

KAKARETSO

Ha re etsa diqeto tse nepahetseng tabeng ya moaparo re bontsha hore re hlompha Jehova le batho ba bang.

Re Ithutileng?

  • Ke hobaneng ha tsela eo re shebahalang ka yona e le ya bohlokwa ho Jehova?

  • Ke dintlha dife tse hlahang ka Bibeleng tse ka re thusang hore re etse diqeto tse nepahetseng tabeng ya hore na re shebahala jwang?

  • Tsela eo re shebahalang ka yona e ka etsa hore batho ba nahane jwang ka bodumedi ba nnete?

Seo o ka se etsang

BATLA

Bona hore na batho ba bang ba ka nahanang ka wena ha ba bona moaparo wa hao.

“Ke Shebahala Jwang?” (Sehlooho se websaeteng)

Ithute hore na ke hobaneng ha ho le bohlokwa ho nahana ka ditlamorao pele o ka etsa tattoo.

“Bibele e Reng ka Ditattoo? (Sehlooho se websaeteng)

Ithute dintlha tse ding tse tswang ka Bibeleng tse ka re thusang ha re etsa diqeto.

“Na Tsela eo o Aparang ka Yona e Tlotlisa Modimo?” (Molula-Qhooa, September 2016)

Keng e ileng ya thusa mme e mong hore a ithute ho amohela tsela eo batho ba bang ba aparang ka yona?

“Ke ne ke Kgopiswa ke Tsela eo Batho ba Bang ba Aparang le ho Itokisa ka Yona” (Tsoha!, December 22, 2003)