Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 54

Mosebetsi oa “Lekhoba le Tšepahalang le le Masene” ke Ofe?”

Mosebetsi oa “Lekhoba le Tšepahalang le le Masene” ke Ofe?”

Jesu ke Hlooho ea phutheho ea Bokreste. (Baefese 5:23) Mehleng ena Jesu o tataisa balateli ba hae ba lefatšeng a le leholimong a sebelisa “lekhoba le tšepahalang le le masene.” (Bala Matheu 24:45.) Jesu Kreste ke eena ea khethileng lekhoba lena le tšepahalang le le masene ’me o le file boikarabelo ba hore le etse liqeto tse itseng. Leha ho le joalo, le ntse le lokela ho mamela Kreste le ho sebeletsa bara ba bo Kreste. Lekhoba lena le tšepahalang le le masene ke mang? Le re hlokomela joang?

1. “Lekhoba le tšepahalang le le masene” ke mang?

Haesale Jehova a sebelisa batho ho tataisa sechaba sa hae. (Malakia 2:7; Baheberu 1:1) Ka mor’a lefu la Jesu, baapostola le baholo ba neng ba le Jerusalema ba ile ba etella batho ba Molimo pele. (Liketso 15:2) Ka tsela e tšoanang, mehleng ena sehlopha se senyenyane sa baholo se etella batho ba Molimo pele. Se bitsoa Sehlopha se Busang sa Lipaki Tsa Jehova ’me se fana ka lijo tse re matlafatsang tumelo ebile se tataisa mosebetsi oa ho ruta batho Bibele. Sehlopha sena ke “lekhoba le tšepahalang le le masene leo [Jesu] a le behileng.” (Matheu 24:45a) Litho tsohle tsa Sehlopha se Busang ke Bakreste ba tlotsitsoeng ka moea o halalelang ’me ba il’o busa le Kreste ’Musong oa hae o leholimong ka mor’a hore ba hlokahale.

2. Lekhoba le tšepahalang le re fa lijo life?

Jesu o ile a re lekhoba le tšepahalang le ne le tla “fa [Bakreste-’moho] lijo tsa bona ka nako e tšoanetseng.” (Matheu 24:45b) Feela joalokaha lijo tseo re li jang li re thusa hore re lule re le matla ebile re phetse hantle, lijo tseo lekhoba le tšepahalang le re fang tsona, e leng lithuto tse tsoang Lentsoeng la Molimo, li re fa matla e le hore re lule re tšepahalla Jehova le ho etsa mosebetsi oo Jesu a re fileng oona. (1 Timothea 4:6) Re fumana lijo tsena ha re le libokeng, likopanong tse nyenyane le tse kholo. Re boetse re li fumana ha re bala libuka, limakasine le ha re shebella livideo tse re thusang ho utloisisa thato ea Molimo le ho matlafatsa setsoalle sa rona le eena.

ITHUTE LINTLHA TSE LING

Ithute hore na ke hobane’ng ha re hloka “lekhoba le tšepahalang le le masene” e leng Sehlopha se Busang.

Sehlopha se Busang se fana ka lijo tse matlafatsang tumelo ebile se tataisa le ho thusa Lipaki Tsa Jehova lefatšeng lohle

3. Batho ba Jehova ba tlameha ho hlophiseha

Jesu o tataisa Sehlopha se Busang hore se hlophise mosebetsi o etsoang ke Lipaki Tsa Jehova. O ile a tataisa Bakreste ba mehleng ea pele ka tsela e tšoanang. Bapala VIDEO.

Bala 1 Bakorinthe 14:33, 40 ebe le buisana ka potso ena:

  • Litemana tsee li bontša joang hore Jehova o batla hore Lipaki tsa hae li hlophisehe?

4. Lekhoba le tšepahalang le hlophisa mosebetsi oa rona oa ho ruta batho Bibele

Mosebetsi oa bohlokoa ka ho fetisisa oo Bakreste ba mehleng ea pele ba neng ba o etsa e ne e le oa ho ruta batho ka Molimo. Bala Liketso 8:14, 25 ebe le buisana ka lipotso tsena:

  • Ke mang ea neng a tataisa Bakreste ba mehleng ea pele hore ba etse mosebetsi oa ho ruta batho ka Molimo?

  • Petrose le Johanne ba ile ba etsa’ng ha ba ne ba fuoa litaelo ke baapostola ba bang?

Mosebetsi oa ho ruta batho Bibele ke mosebetsi oa bohlokoa ka ho fetisisa o hlophisoang ke Sehlopha se Busang. Bapala VIDEO.

Jesu o ile a hatisa hore na ho bohlokoa hakae ho ruta batho ka Molimo. Bala Mareka 13:10 ebe le buisana ka lipotso tsena:

  • Ke hobane’ng ha Sehlopha se Busang se nka mosebetsi oa ho ruta batho Bibele e le oa bohlokoa?

  • Ke hobane’ng ha re hloka “lekhoba le tšepahalang le le masene” hore le hlophise mosebetsi oo o etsoang lefatšeng lohle?

5. Lekhoba le tšepahalang le tataisa batho ba Molimo

Sehlopha se Busang se tataisa Bakreste lefatšeng lohle. Se fihlela liqeto joang? Hlokomela hore na sehlopha se busang sa Bakreste ba mehleng ea pele se ne se fihlela liqeto joang. Bala Liketso 15:1, 2 ebe le buisana ka lipotso tsena:

  • Ke taba efe e ileng ea baka ho se utloane har’a Bakreste ba mehleng ea pele?

  • Pauluse, Barnabase le ba bang ba ile ba ea hokae ho kopa thuso?

Bala Liketso 15:12-18, 23-29 ebe le buisana ka potso e latelang:

  • Pele sehlopha se busang sa mehleng eo se etsa qeto se ile sa etsa’ng e le hore se fumane tataiso e tsoang ho Molimo? (Sheba temana ea 12, 15 le 28.)

Bala Liketso 15:30, 31 le 16:4, 5 ebe le buisana ka lipotso tsena:

  • Bakreste ba mehleng ea pele ba ile ba etsa’ng ha ba ne ba fuoa tataiso e tsoang ho sehlopha se busang?

  • Jehova o ile a hlohonolofatsa ho mamela ha bona joang?

Bala 2 Timothea 3:16 le Jakobo 1:5 ebe le buisana ka potso ena:

  • Sehlopha se Busang se batla tataiso hokae ha se etsa liqeto mehleng ee?

BATHO BA BANG BA RE: “Ha u mamela Sehlopha se Busang, u mpa feela u latela batho.”

  • Ke’ng e u kholisang hore Jesu o etella pele Sehlopha se Busang?

KAKARETSO

Sehlopha se Busang ke “lekhoba le tšepahalang le le masene” le khethiloeng ke Kreste. Le fana ka tataiso le lijo tse matlafatsang tumelo ea Bakreste lefatšeng lohle.

Re Ithutile’ng?

  • Ke mang ea khethileng “lekhoba le tšepahalang le le masene”?

  • Sehlopha se Busang se re hlokomela joang?

  • Na oa lumela hore Sehlopha se Busang ke “lekhoba le tšepahalang le le masene”?

Seo U ka se Etsang

BATLA

Ithute hore na Sehlopha se Busang se hlophisitsoe joang hore se etse mosebetsi oa sona.

“Sehlopha se Busang sa Lipaki Tsa Jehova ke Eng?” (Sehlooho se websaeteng)

Ithute hore na Sehlopha se Busang se etsa bonnete ba hore re fumana lijo tse nepahetseng joang.

Ho Hlahisa Lingoloa Tse Nepahetseng (17:18)

Litho tsa Sehlopha se Busang li ikutloa joang ka mosebetsi oo Jesu a li fileng oona?

Mosebetsi oa Bohlokoa ka ho Fetisisa (7:04)

Liboka le likopano tsa rona li bontša joang hore Jehova ke eena ea tataisang Sehlopha se Busang?

Jehova o Ruta Batho ba Hae (9:39)