Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

KGAOLO YA 54

Mosebetsi wa “Lekgoba le Tshepahalang le le Masene” ke Ofe?”

Mosebetsi wa “Lekgoba le Tshepahalang le le Masene” ke Ofe?”

Jesu ke Hlooho ya phutheho ya Bokreste. (Baefese 5:23) Mehleng ena Jesu o tataisa balatedi ba hae ba lefatsheng a le lehodimong a sebedisa “lekgoba le tshepahalang le le masene.” (Bala Matheu 24:45.) Jesu Kreste ke yena ya kgethileng lekgoba lena le tshepahalang le le masene mme o le file boikarabelo ba hore le etse diqeto tse itseng. Le ha ho le jwalo, le ntse le lokela ho mamela Kreste le ho sebeletsa barababo Kreste. Lekgoba lena le tshepahalang le le masene ke mang? Le re hlokomela jwang?

1. “Lekgoba le tshepahalang le le masene” ke mang?

Haesale Jehova a sebedisa batho ho tataisa setjhaba sa hae. (Malakia 2:7; Baheberu 1:1) Ka mora lefu la Jesu, baapostola le baholo ba neng ba le Jerusalema ba ile ba etella batho ba Modimo pele. (Liketso 15:2) Ka tsela e tshwanang, mehleng ena sehlopha se senyenyane sa baholo se etella batho ba Modimo pele. Se bitswa Sehlopha se Busang sa Dipaki Tsa Jehova mme se fana ka dijo tse re matlafatsang tumelo ebile se tataisa mosebetsi wa ho ruta batho Bibele. Sehlopha sena ke “lekgoba le tshepahalang le le masene leo [Jesu] a le behileng.” (Matheu 24:45a) Ditho tsohle tsa Sehlopha se Busang ke Bakreste ba tlotsitsweng ka moya o halalelang mme ba ilo busa le Kreste Mmusong wa hae o lehodimong ka mora hore ba hlokahale.

2. Lekgoba le tshepahalang le re fa dijo dife?

Jesu o ile a re lekgoba le tshepahalang le ne le tla “fa [Bakrestemmoho] dijo tsa bona ka nako e tshwanetseng.” (Matheu 24:45b) Feela jwalo ka ha dijo tseo re di jang di re thusa hore re dule re le matla ebile re phetse hantle, dijo tseo lekgoba le tshepahalang le re fang tsona, e leng dithuto tse tswang Lentsweng la Modimo, di re fa matla e le hore re dule re tshepahalla Jehova le ho etsa mosebetsi oo Jesu a re fileng wona. (1 Timothea 4:6) Re fumana dijo tsena ha re le dibokeng, dikopanong tse nyenyane le tse kgolo. Re boetse re di fumana ha re bala dibuka, dimakasine le ha re shebella divideo tse re thusang ho utlwisisa thato ya Modimo le ho matlafatsa setswalle sa rona le yena.

ITHUTE DINTLHA TSE DING

Ithute hore na ke hobaneng ha re hloka “lekgoba le tshepahalang le le masene” e leng Sehlopha se Busang.

Sehlopha se Busang se fana ka dijo tse matlafatsang tumelo ebile se tataisa le ho thusa Dipaki Tsa Jehova lefatsheng lohle

3. Batho ba Jehova ba tlameha ho hlophiseha

Jesu o tataisa Sehlopha se Busang hore se hlophise mosebetsi o etswang ke Dipaki Tsa Jehova. O ile a tataisa Bakreste ba mehleng ya pele ka tsela e tshwanang. Bapala VIDEO.

Bala 1 Bakorinthe 14:33, 40 ebe le buisana ka potso ena:

  • Ditemana tsee di bontsha jwang hore Jehova o batla hore Dipaki tsa hae di hlophisehe?

4. Lekgoba le tshepahalang le hlophisa mosebetsi wa rona wa ho ruta batho Bibele

Mosebetsi wa bohlokwa ka ho fetisisa oo Bakreste ba mehleng ya pele ba neng ba o etsa e ne e le wa ho ruta batho ka Modimo. Bala Liketso 8:14, 25 ebe le buisana ka dipotso tsena:

  • Ke mang ya neng a tataisa Bakreste ba mehleng ya pele hore ba etse mosebetsi wa ho ruta batho ka Modimo?

  • Petrose le Johanne ba ile ba etsang ha ba ne ba fuwa ditaelo ke baapostola ba bang?

Mosebetsi wa ho ruta batho Bibele ke mosebetsi wa bohlokwa ka ho fetisisa o hlophiswang ke Sehlopha se Busang. Bapala VIDEO.

Jesu o ile a hatisa hore na ho bohlokwa hakae ho ruta batho ka Modimo. Bala Mareka 13:10 ebe le buisana ka dipotso tsena:

  • Ke hobaneng ha Sehlopha se Busang se nka mosebetsi wa ho ruta batho Bibele e le wa bohlokwa?

  • Ke hobaneng ha re hloka “lekgoba le tshepahalang le le masene” hore le hlophise mosebetsi oo o etswang lefatsheng lohle?

5. Lekgoba le tshepahalang le tataisa batho ba Modimo

Sehlopha se Busang se tataisa Bakreste lefatsheng lohle. Se fihlela diqeto jwang? Hlokomela hore na sehlopha se busang sa Bakreste ba mehleng ya pele se ne se fihlela diqeto jwang. Bala Liketso 15:1, 2 ebe le buisana ka dipotso tsena:

  • Ke taba efe e ileng ya baka ho se utlwane hara Bakreste ba mehleng ya pele?

  • Pauluse, Barnabase le ba bang ba ile ba ya hokae ho kopa thuso?

Bala Liketso 15:12-18, 23-29 ebe le buisana ka potso e latelang:

  • Pele sehlopha se busang sa mehleng eo se etsa qeto se ile sa etsang e le hore se fumane tataiso e tswang ho Modimo? (Sheba temana ya 12, 15 le 28.)

Bala Liketso 15:30, 31 le 16:4, 5 ebe le buisana ka dipotso tsena:

  • Bakreste ba mehleng ya pele ba ile ba etsang ha ba ne ba fuwa tataiso e tswang ho sehlopha se busang?

  • Jehova o ile a hlohonolofatsa ho mamela ha bona jwang?

Bala 2 Timothea 3:16 le Jakobo 1:5 ebe le buisana ka potso ena:

  • Sehlopha se Busang se batla tataiso hokae ha se etsa diqeto mehleng ee?

BATHO BA BANG BA RE: “Ha o mamela Sehlopha se Busang, o mpa feela o latela batho.”

  • Keng e o kgodisang hore Jesu o etella pele Sehlopha se Busang?

KAKARETSO

Sehlopha se Busang ke “lekgoba le tshepahalang le le masene” le kgethilweng ke Kreste. Le fana ka tataiso le dijo tse matlafatsang tumelo ya Bakreste lefatsheng lohle.

Re Ithutileng?

  • Ke mang ya kgethileng “lekgoba le tshepahalang le le masene”?

  • Sehlopha se Busang se re hlokomela jwang?

  • Na o a dumela hore Sehlopha se Busang ke “lekgoba le tshepahalang le le masene”?

Seo o ka se Etsang

BATLA

Ithute hore na Sehlopha se Busang se hlophisitswe jwang hore se etse mosebetsi wa sona.

“Sehlopha se Busang sa Dipaki Tsa Jehova ke Eng?” (Sehlooho se websaeteng)

Ithute hore na Sehlopha se Busang se etsa bonnete ba hore re fumana dijo tse nepahetseng jwang.

Ho Hlahisa Dingolwa Tse Nepahetseng (17:18)

Ditho tsa Sehlopha se Busang di ikutlwa jwang ka mosebetsi oo Jesu a di fileng wona?

Mosebetsi wa Bohlokwa ka ho Fetisisa (7:04)

Diboka le dikopano tsa rona di bontsha jwang hore Jehova ke yena ya tataisang Sehlopha se Busang?

Jehova o Ruta Batho ba Hae (9:39)