Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 57

U Lokela ho Etsa’ng ha U Entse Sebe se Tebileng?

U Lokela ho Etsa’ng ha U Entse Sebe se Tebileng?

Le hoja u rata Jehova haholo ebile u leka ka matla ho qoba ho etsa lintho tse tla mo utloisa bohloko, ka linako tse ling u tla etsa liphoso. Leha ho le joalo, libe tse ling li tebile ho feta tse ling. (1 Bakorinthe 6:​9, 10) Haeba u entse sebe se tebileng, u hopole hore Jehova o ntse a u rata ebile o batla ho u tšoarela le ho u thusa.

1. Re lokela ho etsa’ng e le hore Jehova a re tšoarele?

Batho ba ratang Jehova ba utloa bohloko haholo ha ba hlokomela hore ba entse sebe se tebileng. Empa ba khothatsoa ke ntho eo Jehova a ileng a e tšepisa bahlanka ba hae ha a re: “Le hoja libe tsa lona li ka ba joaloka sekareleta, li tla soeufala joaloka lehloa.” (Esaia 1:​18) Haeba re baka, Jehova o tla re tšoarela libe tsohle tsa rona. Re lokela ho etsa’ng ho bontša hore re bakile? Re lokela ho soabela libe tsa rona haholo, re khaotse ho etsa lintho tse fosahetseng re be re kope Jehova hore a re tšoarele. Ka mor’a moo, re sebetse ka thata ho fetola menahano kapa liketso tse fosahetseng tse entseng hore re etse sebe ebe re leka ho phela ka melao ea Jehova.​—Bala Esaia 55:​6, 7.

2. Jehova o sebelisa baholo joang ho re thusa ha re entse sebe?

Haeba re entse sebe se tebileng, Jehova o re re bitse “banna ba baholo ba phutheho.” (Bala Jakobo 5:​14, 15.) Baholo ba rata Jehova le linku tsa hae. Baa tseba hore na ba ka re thusa joang e le hore re lokise kamano ea rona le Jehova.​—Bagalata 6:1.

Baholo ba re thusa joang haeba re entse sebe se tebileng? Baholo ba babeli kapa ba bararo ba tla sebelisa Mangolo a Bibele ho re bontša hore na ke hobane’ng ha ntho eo re e entseng e fosahetse. Hape ba tla re fa likhothatso le likeletso tse tla re thusa hore re se ke ra etsa sebe se tebileng hape. Ba ka etsa qeto ea hore re se ke ra nka karolo linthong tse itseng tse etsoang ka phuthehong ka nakoana ho fihlela kamano ea rona le Jehova e se e le maemong a matle. Haeba Mokreste a entse sebe se tebileng empa a sa bake, baholo ba tla mo khaola e le hore a se ke a tšoaetsa ba bang ka phuthehong ka mekhoa ea hae e mebe.

ITHUTE LINTLHA TSE LING

Ithute ho utloisisa le ho ananela tsela eo Jehova a re thusang ka eona ha re entse sebe se tebileng.

3. Ho bolela libe tsa rona ho tla re thusa hore re fole

Ha re etsa sebe re utloisa Jehova bohloko, kahoo re lokela ho mo bolella libe tsa rona. Bala Pesaleme ea 32:​1-5 ebe le buisana ka potso ena:

  • Ke hobane’ng ha ho le molemo hore re bolelle Jehova libe tsa rona ho e-na le ho leka ho li pata?

Ha re se re boleletse Jehova libe tsa rona, ho kopa thuso ho baholo ho tla etsa hore re ikutloe re imolohile. Bapala VIDEO ebe le buisana ka potso e latelang.

  • Videong ee, baholo ba ile ba thusa ntate Canon joang hore a khutlele ho Jehova?

Re lokela ho bolella baholo ’nete re sa tšabe letho hobane ba ikemiselitse ho re thusa. Bala Jakobo 5:​16 ebe le buisana ka potso ena:

  • Ke joang ho bolella baholo ’nete ho ka ba nolofaletsang hore ba re thuse?

Bolella Jehova libe tsa hao, u bolelle baholo ’nete ’me u amohele thuso e tsoang ho Jehova

4. Ho khaoloa ho na le melemo efe?

Haeba motho ea entseng sebe se tebileng a hana ho mamela melao ea Jehova, a ke ke a tloheloa hore a ’ne a lule ka phuthehong. Motho eo oa khaoloa ’me ha rea lokela ho tloaelana le eena kapa hona ho bua le eena. Bala 1 Bakorinthe 5:​6, 11 le 2 Johanne 9-​11 ebe le buisana ka potso ena:

  • Feela joalokaha tomoso e belisa hlama ea bohobe, ho tloaelana le moetsalibe ea sa bakeng ho tla ama phutheho joang?

Batho ba bangata ba neng ba khaotsoe ba ile ba khutlela ka phuthehong hamorao. Hobane’ng? Le hoja ho khaoloa ho ne ho le bohloko, ho ile ha ba thusa hore ba bone liphoso tsa bona. (Pesaleme ea 141:5) Bapala VIDEO ebe le buisana ka potso e latelang.

  • Videong ee, ho khaoloa ho ile ha thusa ausi e mong ea bitsoang Sonja joang?

Ho khaola ho . . .

  • etsa hore lebitso la Jehova le rorisoe joang?

  • bontša joang hore Jehova oa nahanela ebile o lerato?

5. Jehova oa re tšoarela ha re baka

Jesu o ile a etsa papiso e re thusang ho utloisisa hore na Jehova o ikutloa joang ha motho a baka. Bala Luka 15:​1-7 ebe le buisana ka potso ena:

  • Papiso ee e u ruta’ng ka Jehova?

Bala Ezekiele 33:​11 ebe le buisana ka potso ena:

  • Ke ntho efe ea bohlokoa eo re lokelang ho e etsa ho bontša hore re bakile?

Jehova o tšoana le molisa ea tsotellang linku tsa hae haholo

BATHO BA BANG BA RE: “Ke tšaba hore ke tla khaoloa ha nka bolella baholo sebe sa ka.”

  • U ka re’ng ho motho ea ikutloang joalo?

KAKARETSO

Haeba re entse sebe se tebileng empa re se soabetse e le kannete ebile re ikemiselitse ho khaotsa ho etsa lintho tse fosahetseng, Jehova o tla re tšoarela.

Re Ithutile’ng?

  • Ke hobane’ng ha ho le molemo hore re bolelle Jehova libe tsa rona?

  • Re lokela ho etsa’ng e le hore Jehova a re tšoarele?

  • Haeba re entse sebe se tebileng, ke hobane’ng ha re lokela ho kopa thuso ho baholo?

Seo U ka se Etsang

BATLA

Bona kamoo Jehova a bontšitseng ntate e mong mohau o tšoanang le o hlalositsoeng lengolong la Esaia 1:18.

Le ka Mohla U se ke oa Halala Mohau oa Jehova (5:​02)

Ithute hore na ke joang u ka hlalosetsang motho eo e seng Paki ea Jehova hore na ke hobane’ng ha ka linako tse ling motho a khaoloa.

“Na le Koekoetla Bao e Neng e le Litho Tsa Bolumeli ba Lona?” (Sehlooho se websaeteng)

Bala pale e nang le sehlooho se reng: “Ke ne ke Hloka ho Khutlela ho Jehova,” ’me u bone hore na ke hobane’ng ha ntate e mong ea ileng a furalla Jehova a ne a utloa eka Jehova o mo khutliselitse ho eena.

“Bibele e Fetola Batho” (Molula-Qhooa, April 1, 2012)