Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

KGAOLO YA 57

O Lokela ho Etsang ha o Entse Sebe se Tebileng?

O Lokela ho Etsang ha o Entse Sebe se Tebileng?

Le hoja o rata Jehova haholo ebile o leka ka matla ho qoba ho etsa dintho tse tla mo utlwisa bohloko, ka dinako tse ding o tla etsa diphoso. Le ha ho le jwalo, dibe tse ding di tebile ho feta tse ding. (1 Bakorinthe 6:9, 10) Haeba o entse sebe se tebileng, o hopole hore Jehova o ntse a o rata ebile o batla ho o tshwarela le ho o thusa.

1. Re lokela ho etsang e le hore Jehova a re tshwarele?

Batho ba ratang Jehova ba utlwa bohloko haholo ha ba hlokomela hore ba entse sebe se tebileng. Empa ba kgothatswa ke ntho eo Jehova a ileng a e tshepisa bahlanka ba hae ha a re: “Le hoja dibe tsa lona di ka ba jwalo ka sekareleta, di tla sweufala jwalo ka lehlwa.” (Esaia 1:18) Haeba re baka, Jehova o tla re tshwarela dibe tsohle tsa rona. Re lokela ho etsang ho bontsha hore re bakile? Re lokela ho swabela dibe tsa rona haholo, re kgaotse ho etsa dintho tse fosahetseng re be re kope Jehova hore a re tshwarele. Ka mora moo, re sebetse ka thata ho fetola menahano kapa diketso tse fosahetseng tse entseng hore re etse sebe ebe re leka ho phela ka melao ya Jehova.​—Bala Esaia 55:6, 7.

2. Jehova o sebedisa baholo jwang ho re thusa ha re entse sebe?

Haeba re entse sebe se tebileng, Jehova o re re bitse “banna ba baholo ba phutheho.” (Bala Jakobo 5:14, 15.) Baholo ba rata Jehova le dinku tsa hae. Ba a tseba hore na ba ka re thusa jwang e le hore re lokise kamano ya rona le Jehova.​—Bagalata 6:1.

Baholo ba re thusa jwang haeba re entse sebe se tebileng? Baholo ba babedi kapa ba bararo ba tla sebedisa Mangolo a Bibele ho re bontsha hore na ke hobaneng ha ntho eo re e entseng e fosahetse. Hape ba tla re fa dikgothatso le dikeletso tse tla re thusa hore re se ke ra etsa sebe se tebileng hape. Ba ka etsa qeto ya hore re se ke ra nka karolo dinthong tse itseng tse etswang ka phuthehong ka nakwana ho fihlela kamano ya rona le Jehova e se e le maemong a matle. Haeba Mokreste a entse sebe se tebileng empa a sa bake, baholo ba tla mo kgaola e le hore a se ke a tshwaetsa ba bang ka phuthehong ka mekgwa ya hae e mebe.

ITHUTE DINTLHA TSE DING

Ithute ho utlwisisa le ho ananela tsela eo Jehova a re thusang ka yona ha re entse sebe se tebileng.

3. Ho bolela dibe tsa rona ho tla re thusa hore re fole

Ha re etsa sebe re utlwisa Jehova bohloko, ka hoo re lokela ho mo bolella dibe tsa rona. Bala Pesaleme ya 32:1-5 ebe le buisana ka potso ena:

  • Ke hobaneng ha ho le molemo hore re bolelle Jehova dibe tsa rona ho e na le ho leka ho di pata?

Ha re se re bolelletse Jehova dibe tsa rona, ho kopa thuso ho baholo ho tla etsa hore re ikutlwe re imolohile. Bapala VIDEO ebe le buisana ka potso e latelang.

  • Videong ee, baholo ba ile ba thusa ntate Canon jwang hore a kgutlele ho Jehova?

Re lokela ho bolella baholo nnete re sa tshabe letho hobane ba ikemiseditse ho re thusa. Bala Jakobo 5:16 ebe le buisana ka potso ena:

  • Ke jwang ho bolella baholo nnete ho ka ba nolofalletsang hore ba re thuse?

Bolella Jehova dibe tsa hao, o bolelle baholo nnete mme o amohele thuso e tswang ho Jehova

4. Ho kgaolwa ho na le melemo efe?

Haeba motho ya entseng sebe se tebileng a hana ho mamela melao ya Jehova, a ke ke a tlohelwa hore a nne a dule ka phuthehong. Motho eo o a kgaolwa mme ha re a lokela ho tlwaelana le yena kapa hona ho bua le yena. Bala 1 Bakorinthe 5:6, 11 le 2 Johanne 9-11 ebe le buisana ka potso ena:

  • Feela jwalo ka ha tomoso e bedisa hlama ya bohobe, ho tlwaelana le moetsadibe ya sa bakeng ho tla ama phutheho jwang?

Batho ba bangata ba neng ba kgaotswe ba ile ba kgutlela ka phuthehong hamorao. Hobaneng? Le hoja ho kgaolwa ho ne ho le bohloko, ho ile ha ba thusa hore ba bone diphoso tsa bona. (Pesaleme ya 141:5) Bapala VIDEO ebe le buisana ka potso e latelang.

  • Videong ee, ho kgaolwa ho ile ha thusa ausi e mong ya bitswang Sonja jwang?

Ho kgaola ho . . .

  • etsa hore lebitso la Jehova le roriswe jwang?

  • bontsha jwang hore Jehova o a nahanela ebile o lerato?

5. Jehova o a re tshwarela ha re baka

Jesu o ile a etsa papiso e re thusang ho utlwisisa hore na Jehova o ikutlwa jwang ha motho a baka. Bala Luka 15:1-7 ebe le buisana ka potso ena:

  • Papiso ee e o rutang ka Jehova?

Bala Ezekiele 33:11 ebe le buisana ka potso ena:

  • Ke ntho efe ya bohlokwa eo re lokelang ho e etsa ho bontsha hore re bakile?

Jehova o tshwana le modisa ya tsotellang dinku tsa hae haholo

BATHO BA BANG BA RE: “Ke tshaba hore ke tla kgaolwa ha nka bolella baholo sebe sa ka.”

  • O ka reng ho motho ya ikutlwang jwalo?

KAKARETSO

Haeba re entse sebe se tebileng empa re se swabetse e le ka nnete ebile re ikemiseditse ho kgaotsa ho etsa dintho tse fosahetseng, Jehova o tla re tshwarela.

Re Ithutileng?

  • Ke hobaneng ha ho le molemo hore re bolelle Jehova dibe tsa rona?

  • Re lokela ho etsang e le hore Jehova a re tshwarele?

  • Haeba re entse sebe se tebileng, ke hobaneng ha re lokela ho kopa thuso ho baholo?

Seo o ka se Etsang

BATLA

Bona ka moo Jehova a bontshitseng ntate e mong mohau o tshwanang le o hlalositsweng lengolong la Esaia 1:18.

Le ka Mohla o se ke wa Halala Mohau wa Jehova (5:02)

Ha motho a kgaolwa, seo se thusa batho ba amehang jwang?

“Ke Hobaneng ha ho Kgaolwa e le Tokisetso e Lerato?” (Molula-Qhooa, May 15, 2015)

Ithute hore na ke jwang o ka hlalosetsang motho eo e seng Paki ya Jehova hore na ke hobaneng ha ka dinako tse ding motho a kgaolwa.

“Na le Kwekwetla Bao e Neng e le Ditho Tsa Bodumedi ba Lona?” (Sehlooho se websaeteng)

Bala pale e nang le sehlooho se reng: “Ke ne ke Hloka ho Kgutlela ho Jehova,” mme o bone hore na ke hobaneng ha ntate e mong ya ileng a furalla Jehova a ne a utlwa eka Jehova o mo kgutliseditse ho yena.

“Bibele e Fetola Batho” (Molula-Qhooa, April 1, 2012)