Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 58

Lula U Tšepahalla Jehova

Lula U Tšepahalla Jehova

Bakreste ba ’nete ha baa ikemisetsa ho lumella ntho kapa motho ofe kapa ofe ho ba sitisa ho sebeletsa Jehova. Rea lumela hore le uena u ikutloa joalo. Jehova oa thaba ha u mo tšepahalla. (Bala 1 Likronike 28:9.) Ke maemo afe a ka etsang hore ho be thata hore u tšepahalle Jehova, hona u ka thusoa ke’ng maemong ao?

1. Ke joang batho ba bang ba ka etsang hore re se ke ra tšepahalla Jehova?

Batho ba bang ba tla leka ho re sitisa ho sebeletsa Jehova. Ke bo-mang ba ka etsang ntho e mpe hakaalo? Batho ba bang ba tlohetseng ho sebeletsa Jehova ba jala mashano ka mokhatlo oa Molimo e le ha ba leka ho fokolisa tumelo ea rona. Batho bao ba bitsoa bakoenehi. Hape baeta-pele ba bang ba likereke ba bua mashano ka rona. Sepheo sa bona ke ho khelosa Bakreste ba sa hlokomeleng likotsi tsa mashano ao hore ba tlohele ho sebeletsa Jehova. Ho kotsi ho pheha khang le bahanyetsi ba rona, ho bala libuka tsa bona, ho kena liwebsaeteng tsa bona, ho bala lintho tseo ba li ngotseng inthaneteng kapa ho shebella livideo tsa bona. Ha Jesu a ne a bua ka batho ba neng ba leka ho nyahamisa batho ba bang hore ba se ke ba sebeletsa Jehova ka botšepehi, o ile a re: “Ba tloheleng. Ke batataisi ba foufetseng. Joale, haeba sefofu se tataisa sefofu, ka bobeli li tla oela ka sekoting.”​—Matheu 15:14.

Re lokela ho etsa’ng haeba motho eo re mo tsebang a entse qeto ea hore ha a sa batla ho ba Paki ea Jehova? Ho ka ba bohloko haholo ha ntho e joalo e etsoa ke motho eo re mo ratang. Motho eo a ka ’na a re re khethe hore na re rata eena kapa Jehova. Re lokela ho ikemisetsa ho lula re tšepahalla Jehova ho feta mang kapa mang. (Matheu 10:​37) Kahoo re lokela ho mamela taelo ea Jehova ea hore re se ke ra itsoakanya le batho ba joalo.​—Bala 1 Bakorinthe 5:11.

2. Liqeto tseo re li etsang li ka bontša joang hore re tšepahalla Jehova?

Lerato leo re ratang Jehova ka lona le tla etsa hore re qobe eng kapa eng e amanang le bolumeli ba bohata. Kahoo mesebetsi ea rona, mekhatlo eo re e kenetseng kapa ntho efe kapa efe eo re e etsang ha ea lokela ho amana le bolumeli ba bohata. Jehova oa re lemosa o re: “Tsoang [Babylona e Moholo], sechaba sa ka.”​—Tšenolo 18:​2, 4.

ITHUTE LINTLHA TSE LING

Ithute hore na u ka etsa’ng e le hore u se ke oa lumella mang kapa mang ho etsa hore u khaotse ho tšepahalla Jehova. Hape ithute hore na u ka bontša joang hore u tšepahalla Jehova ka ho tsoa ho Babylona e Moholo.

3. Hlokomela mesuoe ea bohata

Re lokela ho etsa’ng ha re utloa batho ba bua lintho tse mpe ka mokhatlo oa Jehova? Bala Liproverbia 14:​15 ebe le buisana ka potso ena:

  • Ke hobane’ng ha re sa lokela ho lumela ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re e utloang?

Bala 2 Johanne 10 ebe le buisana ka lipotso tsena:

  • Re lokela ho tšoara bakoenehi joang?

  • Le haeba re sa bue le bakoenehi ka ho toba, ke joang re ka kopanang le lithuto tsa bona?

  • U nahana hore Jehova o tla ikutloa joang haeba re ka mamela lintho tse mpe tseo batho ba li buang ka eena kapa ka mokhatlo oa hae?

4. Lula u tšepahalla Jehova le haeba Mokreste-’moho le uena a etsa sebe

Haeba re ka tseba hore motho e mong ka phuthehong o entse sebe se tebileng, re lokela ho etsa’ng? Nahana ka taba ena e hlahang Molaong oo Molimo a ileng a o fa Baiseraele ba mehleng ea khale. Bala Levitike 5:1.

Joalokaha temana eo e bontša, haeba re tseba hore motho e mong o entse sebe se tebileng, re lokela ho bolella baholo taba eo. Empa pele re ba bolella, e ka ba hantle hore re bue le motho ea entseng sebe hore a ikise ho baholo ’me a ba bolelle sebe sa hae. Haeba a sa ikise, re lokela ho bontša hore re tšepahalla Jehova ka hore re bolelle baholo hore na re tseba’ng ka taba eo. Ho etsa joalo ho bontša joang hore re rata . . .

  • Jehova Molimo?

  • motho ea entseng sebe?

  • Bakreste-’moho le rona?

Thusa Mokreste-’moho le uena ha a le mathateng

5. Tsoa Babylona e Moholo

Bala Luka 4:8 le Tšenolo 18:​4, 5 ebe le buisana ka lipotso tsena:

  • Na lebitso la ka le ntse le hlaha libukeng tsa kereke?

  • Na ke kenetse mokhatlo o ikopantseng le bolumeli bo itseng?

  • Na mosebetsi oo ke o etsang o tšehetsa bolumeli ba bohata ka tsela efe kapa efe?

  • Na ho na le lintho tse ling tseo ke lokelang ho li etsa e le hore ke tlohelle bolumeli ba bohata?

  • Haeba ke arabile e ’ngoe ea lipotso tsena ka E, ke lokela ho etsa liphetoho life?

Maemong ana kaofela u etse qeto e tla u siea u e-na le letsoalo le khutsitseng e bile e bontša hore u tšepahalla Jehova.

Ha u ne u ka kopuoa hore u ntše chelete ho tšehetsa mokhatlo oa liphallelo o amanang le bolumeli ba bohata, u ne u tla etsa’ng?

BATHO BA BANG BA RE: “Ke lokela ho tseba hore na bakoenehi ba ntse ba re’ng ka Lipaki Tsa Jehova e le hore ke tsebe ho emela ’nete.”

  • Na ke bohlale ho etsa joalo? Ke hobane’ng ha u cho joalo?

KAKARETSO

Re lokela ho qoba ho tloaelana le batho ba sa tšepahalleng Jehova e le hore re lule re mo tšepahalla. Hape re lokela ho tsoa borapeling ba bohata.

Re Ithutile’ng?

  • Ke hobane’ng ha re sa lokela ho shebella, ho bala kapa ho mamela lithuto tsa bakoenehi?

  • Re lokela ho tšoara batho ba seng ba sa batle ho ba Lipaki Tsa Jehova joang?

  • Re lokela ho etsa’ng ho bontša hore re mamela keletso ea hore re tsoe bolumeling ba bohata?

Seo U ka se Etsang

BATLA

Ithute hore na u ka etsa’ng ha batho ba jala mashano ka Lipaki Tsa Jehova.

“Na U Tseba Lintlha Kaofela?” (Molula-Qhooa, August 2018)

Ke’ng e tla u thusa ho bona hore na mekhatlo kapa lintho tse itseng li amana le Babylona e Moholo?

“Lula U Phathahane Qetellong ea ‘Matsatsi a ho Qetela’ ” (Molula-Qhooa, October 2019, serapa sa 16-​18)

Ba bang ba bahanyetsi ba rona ba entse’ng ho leka ho fokolisa tumelo ea rona?

Hlokomela Hore U se ke oa Thetsoa (9:​32)

Bala pale e nang le sehlooho se reng: “Haesale ke Batlana le Molimo ho Tloha ke sa le Ngoana,” u utloe litaba tsa ntate e mong eo e neng e le moruti oa bolumeli ba Boshinto ea ileng a tlohela bolumeli ba bohata.

“Bibele e Fetola Batho” (Molula-Qhooa, July 1, 2011)