Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

KGAOLO YA 58

Dula o Tshepahalla Jehova

Dula o Tshepahalla Jehova

Bakreste ba nnete ha ba a ikemisetsa ho dumella ntho kapa motho ofe kapa ofe ho ba sitisa ho sebeletsa Jehova. Re a dumela hore le wena o ikutlwa jwalo. Jehova o a thaba ha o mo tshepahalla. (Bala 1 Likronike 28:9.) Ke maemo afe a ka etsang hore ho be thata hore o tshepahalle Jehova, hona o ka thuswa keng maemong ao?

1. Ke jwang batho ba bang ba ka etsang hore re se ke ra tshepahalla Jehova?

Batho ba bang ba tla leka ho re sitisa ho sebeletsa Jehova. Ke bomang ba ka etsang ntho e mpe hakaalo? Batho ba bang ba tlohetseng ho sebeletsa Jehova ba jala mashano ka mokgatlo wa Modimo e le ha ba leka ho fokodisa tumelo ya rona. Batho bao ba bitswa bakwenehi. Hape baetapele ba bang ba dikereke ba bua mashano ka rona. Sepheo sa bona ke ho kgelosa Bakreste ba sa hlokomeleng dikotsi tsa mashano ao hore ba tlohele ho sebeletsa Jehova. Ho kotsi ho pheha kgang le bahanyetsi ba rona, ho bala dibuka tsa bona, ho kena diwebsaeteng tsa bona, ho bala dintho tseo ba di ngotseng inthaneteng kapa ho shebella divideo tsa bona. Ha Jesu a ne a bua ka batho ba neng ba leka ho nyahamisa batho ba bang hore ba se ke ba sebeletsa Jehova ka botshepehi, o ile a re: “Ba tloheleng. Ke batataisi ba foufetseng. Jwale, haeba sefofu se tataisa sefofu, ka bobedi di tla wela ka sekoting.”​—Matheu 15:14.

2. Diqeto tseo re di etsang di ka bontsha jwang hore re tshepahalla Jehova?

Lerato leo re ratang Jehova ka lona le tla etsa hore re qobe eng kapa eng e amanang le bodumedi ba bohata. Ka hoo mesebetsi ya rona, mekgatlo eo re e kenetseng kapa ntho efe kapa efe eo re e etsang ha ya lokela ho amana le bodumedi ba bohata. Jehova o a re lemosa o re: “Tswang [Babylona e Moholo], setjhaba sa ka.”​—Tšenolo 18:2, 4.

ITHUTE DINTLHA TSE DING

Ithute hore na o ka etsang e le hore o se ke wa dumella mang kapa mang ho etsa hore o kgaotse ho tshepahalla Jehova. Hape ithute hore na o ka bontsha jwang hore o tshepahalla Jehova ka ho tswa ho Babylona e Moholo.

3. Hlokomela mesuwe ya bohata

Re lokela ho etsang ha re utlwa batho ba bua dintho tse mpe ka mokgatlo wa Jehova? Bala Liproverbia 14:15 ebe le buisana ka potso ena:

  • Ke hobaneng ha re sa lokela ho dumela ntho e nngwe le e nngwe eo re e utlwang?

Bala 2 Johanne 9-11 ebe le buisana ka dipotso tsena:

  • Re lokela ho tshwara bakwenehi jwang?

  • Le haeba re sa bue le bakwenehi ka ho toba, ke jwang re ka kopanang le dithuto tsa bona?

  • O nahana hore Jehova o tla ikutlwa jwang haeba re ka mamela dintho tse mpe tseo batho ba di buang ka yena kapa ka mokgatlo wa hae?

4. Dula o tshepahalla Jehova le haeba Mokrestemmoho le wena a etsa sebe

Haeba re ka tseba hore motho e mong ka phuthehong o entse sebe se tebileng, re lokela ho etsang? Nahana ka taba ena e hlahang Molaong oo Modimo a ileng a o fa Baiseraele ba mehleng ya kgale. Bala Levitike 5:1.

Jwalo ka ha temana eo e bontsha, haeba re tseba hore motho e mong o entse sebe se tebileng, re lokela ho bolella baholo taba eo. Empa pele re ba bolella, e ka ba hantle hore re bue le motho ya entseng sebe hore a ikise ho baholo mme a ba bolelle sebe sa hae. Haeba a sa ikise, re lokela ho bontsha hore re tshepahalla Jehova ka hore re bolelle baholo hore na re tsebang ka taba eo. Ho etsa jwalo ho bontsha jwang hore re rata . . .

  • Jehova Modimo?

  • motho ya entseng sebe?

  • Bakrestemmoho le rona?

Thusa Mokrestemmoho le wena ha a le mathateng

5. Tswa Babylona e Moholo

Bala Luka 4:8 le Tšenolo 18:4, 5 ebe le buisana ka dipotso tsena:

  • Na lebitso la ka le ntse le hlaha dibukeng tsa kereke?

  • Na ke kenetse mokgatlo o ikopantseng le bodumedi bo itseng?

  • Na mosebetsi oo ke o etsang o tshehetsa bodumedi ba bohata ka tsela efe kapa efe?

  • Na ho na le dintho tse ding tseo ke lokelang ho di etsa e le hore ke tlohelle bodumedi ba bohata?

  • Haeba ke arabile e nngwe ya dipotso tsena ka E, ke lokela ho etsa diphetoho dife?

Maemong ana kaofela o etse qeto e tla o siya o na le letswalo le kgutsitseng e bile e bontsha hore o tshepahalla Jehova.

Ha o ne o ka kopuwa hore o ntshe tjhelete ho tshehetsa mokgatlo wa diphallelo o amanang le bodumedi ba bohata, o ne o tla etsang?

BATHO BA BANG BA RE: “Ke lokela ho tseba hore na bakwenehi ba ntse ba reng ka Dipaki Tsa Jehova e le hore ke tsebe ho emela nnete.”

  • Na ke bohlale ho etsa jwalo? Ke hobaneng ha o tjho jwalo?

KAKARETSO

E le hore re dule re tshepahalla Jehova, re lokela ho qoba ho tlwaelana le batho ba lekang ho re kgelosa.

Re Ithutileng?

  • Ke hobaneng ha re sa lokela ho mamela dithuto tsa bakwenehi?

  • Re lokela ho etsang ha re hlokomela hore Mokrestemmoho le rona o entse sebe se tebileng?

  • Re lokela ho etsang ho bontsha hore re mamela keletso ya hore re tswe bodumeding ba bohata?

Seo o ka se Etsang

BATLA

Ithute hore na o ka etsang ha batho ba jala mashano ka Dipaki Tsa Jehova.

“Na o na le Dintlha Kaofela?” (Tora ya ho Lebela, August 2018)

Keng e tla o thusa ho bona hore na mekgatlo kapa dintho tse itseng di amana le Babylona e Moholo?

“Tswelapele ho Sebeletsa Modimo Qetellong ya ‘Matsatsi a ho Qetela’” (Tora ya ho Lebela, October 2019, serapa sa 16-18)

Ba bang ba bahanyetsi ba rona ba entseng ho leka ho fokodisa tumelo ya rona?

Hlokomela Hore o se ke wa Thetswa (9:32)

Bala pale e nang le sehlooho se reng, “Haesale ke Batlana le Modimo ho Tloha ke sa le Ngwana,” o utlwe ditaba tsa ntate e mong eo e neng e le moruti wa bodumedi ba Boshinto ya ileng a tlohela bodumedi ba bohata.

“Bibele e Fetola Batho” (Molula-Qhooa, July 1, 2011)