Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 59

U ka Khona ho Lula U Tšepahala Leha U Hlorisoa

U ka Khona ho Lula U Tšepahala Leha U Hlorisoa

Haufinyane Bakreste bohle ba tla hanyetsoa le ho hlorisoa. Na taba eo e lokela ho re tšosa?

1. Ke hobane’ng ha re lebeletse hore batho ba re hlorise?

Bibele e re: “Bohle ba lakatsang ho phela ka boinehelo ba bomolimo kamanong le Kreste Jesu le bona ba tla hlorisoa.” (2 Timothea 3:​12) Jesu o ile a hlorisoa hobane e ne e se karolo ea lefatše. Le rona ha re karolo ea lefatše, kahoo ha re makale ha mekhatlo ea bolumeli kapa mebuso e re hlorisa.​—Johanne 15:​18, 19.

2. Re ka itokisetsa mahloriso joang?

Re lokela ho etsa lintho tse tla re thusa hore re tšepe Jehova hona joale. Iphe nako ea ho rapela le ho bala Bibele letsatsi le letsatsi. E-ea libokeng kamehla. Lintho tsena kaofela li tla u fa matla a hore u eme ka sebete ha u kopana le mahloriso esita le a tsoang ho ba lelapa. Moapostola Pauluse eo hangata a neng a hlorisoa o ile a re: “Jehova ke mothusi oa ka; nke ke ka tšaba.”​—Baheberu 13:6.

Ntho e ’ngoe e ka re thusang hore re be sebete ke hore re bolelle batho litaba tse molemo. Ho bolella batho ba bang litaba tse molemo, ho re thusa hore re tšepe Jehova ’me re se ke ra tšaba batho. (Liproverbia 29:​25) Ho etsa joalo ho tla re thusa hore re be sebete ’me re tsoele pele ho bolela litaba tse molemo leha mebuso e ka thibela mosebetsi oa rona.​—1 Bathesalonika 2:2.

3. Ke molemo ofe oo re tla o fumana haeba re tšepahalla Jehova leha re hlorisoa?

Ke ’nete hore ha re thabele ho hlorisoa empa haeba re mamella, tumelo ea rona e tla matlafala. Re tla atamela haufi le Jehova hobane re bona kamoo a re thusang kateng ha matla a rona a fokola. (Bala Jakobo 1:​2-4.) Jehova o utloa bohloko ha a bona re hlorisoa, empa oa thaba ha a bona re mamella. Bibele e re: “Ha le etsa se molemo ’me le utloa bohloko, le ho mamella, ena ke ntho e lumellehang ho Molimo.” (1 Petrose 2:​20) Haeba re lula re tšepahala, Jehova o tla re putsa ka ho re fa bophelo bo sa feleng lefatšeng le lecha moo ho tla beng ho se na motho ea re hanyetsang.​—Matheu 24:13.

ITHUTE LINTLHA TSE LING

Ithute hore na ke hobane’ng ha ho khoneha hore re tšepahalle Jehova leha batho ba re hlorisa le hore na o tla re putsa joang.

4. U ka khona ho mamella leha ba lelapa ba u hanyetsa

Jesu o ne a tseba hore ba bang ba lelapa ba ka ’na ba se thabe ha re sebeletsa Jehova. Bala Matheu 10:​34-​36 ebe le buisana ka potso ena:

  • Ke’ng e ka etsahalang ha e mong oa lelapa a etsa qeto ea ho sebeletsa Jehova?

E le hore u bone mohlala oa taba ena, bapala VIDEO ebe le buisana ka potso e latelang.

  • U tla etsa’ng haeba e mong oa lelapa kapa motsoalle oa hao a u sitisa ho sebeletsa Jehova?

Bala Pesaleme ea 27:​10 le Mareka 10:​29, 30 ebe le buisana ka potso ena:

  • Litemana tsee li ka u thusa joang haeba u hanyetsoa ke ba lelapa kapa metsoalle?

5. Tsoela pele ho sebeletsa Jehova leha u hlorisoa

Re hloka sebete e le hore re sebeletse Jehova leha ba bang ba re thibela ho etsa joalo. Bapala VIDEO ebe le buisana ka potso e latelang.

  • Mehlala ea batho ba hlahang videong ee e u matlafatsa joang?

Bala Liketso 5:​27-​29 le Baheberu 10:​24, 25 ebe le buisana ka potso ena:

  • Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re tsoele pele ho sebeletsa Jehova leha ’muso o ka re thibela hore re ee libokeng kapa re bolelle batho litaba tse molemo?

6. Jehova o tla u thusa hore u mamelle

Lipaki Tsa Jehova lefatšeng lohle, ho sa tsotellehe hore na li lilemo li kae, li ile tsa tsoela pele ho sebeletsa Jehova ho sa tsotellehe mahloriso. E le hore u bone hore na li thusitsoe ke’ng, bapala VIDEO ebe le buisana ka potso e latelang.

  • Videong ee, ke’ng e thusitseng Lipaki tsee hore li mamelle?

Bala Baroma 8:​35, 37-​39 le Bafilipi 4:​13 ebe le buisana ka potso ena:

  • Litemana tsee li u kholisa joang hore u ka khona ho mamella teko leha e le efe?

Bala Matheu 5:​10-​12 ebe le buisana ka potso ena:

  • Ke hobane’ng ha u ka thaba leha u hlorisoa?

Lipaki Tsa Jehova tse limilione li sebeletsa Jehova ka botšepehi ho sa tsotellehe mahloriso. Le uena u ka khona

BATHO BA BANG BA RE: “Nka se khone ho mamella mahloriso.”

  • Ke litemana life tse ka ba thusang hore ba be sebete?

KAKARETSO

Jehova o ananela boiteko ba rona ba ho mo sebeletsa ho sa tsotellehe mahloriso. Ka thuso ea hae re ka khona ho mamella.

Re Ithutile’ng?

  • Ke hobane’ng ha Bakreste ba lebeletse hore ba tla hlorisoa?

  • U ka etsa’ng hona joale e le hore u itokisetse mahloriso?

  • Ke’ng e ka u thusang hore u kholisehe hore u ka khona ho sebeletsa Jehova mathateng ’ohle a u hlahelang?

Seo U ka se Etsang

BATLA

Shebella ha mor’abo rona a hlalosa hore na Jehova o ile a mo thusa joang hore a mamelle ha a ne a kentsoe teronkong ka lebaka la tumelo ea hae.

Ho Mamella ho sa Tsotellehe Mahloriso (2:​34)

Hlokomela hore na ke’ng e thusitseng banyalani ba bang hore ba tsoele pele ho sebeletsa Jehova ka lilemo tse ngata ho sa tsotellehe likhanyetso.

Ba Sebeletsa Jehova Leha Maemo a Fetoha (7:​11)

Ithute hore na ke joang u ka bang sebete ha u hlorisoa.

“Itokisetse Mahloriso Esale Hona Joale” (Molula-Qhooa, July 2019)

Re lokela ho ikutloa joang ha re hanyetsoa ke ba lelapa, hona re ka etsa’ng hore re mamelle mathata a ho hanyetsoa?

“Ke Tletse ho Tlisa Sabole, Eseng Khotso” (Molula-Qhooa, October 2017)