Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

KGAOLO YA 59

O ka Kgona ho Dula o Tshepahala le ha o Hloriswa

O ka Kgona ho Dula o Tshepahala le ha o Hloriswa

Haufinyane Bakreste bohle ba tla hanyetswa le ho hloriswa. Na taba eo e lokela ho re tshosa?

1. Ke hobaneng ha re lebelletse hore batho ba re hlorise?

Bibele e re: “Bohle ba lakatsang ho phela ka boinehelo ba bomodimo kamanong le Kreste Jesu le bona ba tla hloriswa.” (2 Timothea 3:​12) Jesu o ile a hloriswa hobane e ne e se karolo ya lefatshe. Le rona ha re karolo ya lefatshe, ka hoo ha re makale ha mekgatlo ya bodumedi kapa mebuso e re hlorisa.​—Johanne 15:18, 19.

2. Re ka itokisetsa mahloriso jwang?

Re lokela ho etsa dintho tse tla re thusa hore re tshepe Jehova hona jwale. Iphe nako ya ho rapela le ho bala Bibele letsatsi le letsatsi. Eya dibokeng ka mehla. Dintho tsena kaofela di tla o fa matla a hore o eme ka sebete ha o kopana le mahloriso esita le a tswang ho ba lelapa. Moapostola Pauluse eo hangata a neng a hloriswa o ile a re: “Jehova ke mothusi wa ka; nke ke ka tshaba.”​—Baheberu 13:6.

Ntho e nngwe e ka re thusang hore re be sebete ke hore re bolelle batho ditaba tse molemo. Ho bolella batho ba bang ditaba tse molemo, ho re thusa hore re tshepe Jehova mme re se ke ra tshaba batho. (Liproverbia 29:25) Ho etsa jwalo ho tla re thusa hore re be sebete mme re tswele pele ho bolela ditaba tse molemo le ha mebuso e ka thibela mosebetsi wa rona.​—1 Bathesalonika 2:2.

3. Ke molemo ofe oo re tla o fumana haeba re tshepahalla Jehova le ha re hloriswa?

Ke nnete hore ha re thabele ho hloriswa empa haeba re mamella, tumelo ya rona e tla matlafala. Re tla atamela haufi le Jehova hobane re bona ka moo a re thusang ka teng ha matla a rona a fokola. (Bala Jakobo 1:2-4.) Jehova o utlwa bohloko ha a bona re hloriswa, empa o a thaba ha a bona re mamella. Bibele e re: “Ha le etsa se molemo mme le utlwa bohloko, le ho mamella, ena ke ntho e dumellehang ho Modimo.” (1 Petrose 2:20) Haeba re dula re tshepahala, Jehova o tla re putsa ka ho re fa bophelo bo sa feleng lefatsheng le letjha moo ho tla beng ho se na motho ya re hanyetsang.​—Matheu 24:13.

ITHUTE DINTLHA TSE DING

Ithute hore na ke hobaneng ha ho kgoneha hore re tshepahalle Jehova le ha batho ba re hlorisa le hore na o tla re putsa jwang.

4. O ka kgona ho mamella le ha ba lelapa ba o hanyetsa

Jesu o ne a tseba hore ba bang ba lelapa ba ka nna ba se thabe ha re sebeletsa Jehova. Bala Matheu 10:34-36 ebe le buisana ka potso ena:

  • Keng e ka etsahalang ha e mong wa lelapa a etsa qeto ya ho sebeletsa Jehova?

E le hore o bone mohlala wa taba ena, bapala VIDEO ebe le buisana ka potso e latelang.

  • O tla etsang haeba e mong wa lelapa kapa motswalle wa hao a o sitisa ho sebeletsa Jehova?

Bala Pesaleme ya 27:10 le Mareka 10:29, 30 ebe le buisana ka potso ena:

  • Ditemana tsee di ka o thusa jwang haeba o hanyetswa ke ba lelapa kapa metswalle?

5. Tswela pele ho sebeletsa Jehova le ha o hloriswa

Re hloka sebete e le hore re sebeletse Jehova le ha ba bang ba re thibela ho etsa jwalo. Bapala VIDEO ebe le buisana ka potso e latelang.

  • Mehlala ya batho ba hlahang videong ee e o matlafatsa jwang?

Bala Liketso 5:27-29 le Baheberu 10:24, 25 ebe le buisana ka potso ena:

  • Ke hobaneng ha e le ha bohlokwa hore re tswele pele ho sebeletsa Jehova le ha mmuso o ka re thibela hore re ye dibokeng kapa re bolelle batho ditaba tse molemo?

6. Jehova o tla o thusa hore o mamelle

Dipaki Tsa Jehova lefatsheng lohle, ho sa tsotellehe hore na di dilemo di kae, di ile tsa tswela pele ho sebeletsa Jehova ho sa tsotellehe mahloriso. E le hore o bone hore na di thusitswe keng, bapala VIDEO ebe le buisana ka potso e latelang.

  • Videong ee, keng e thusitseng Dipaki tsee hore di mamelle?

Bala Baroma 8:35, 37-39 le Bafilipi 4:13 ebe le buisana ka potso ena:

  • Ditemana tsee di o kgodisa jwang hore o ka kgona ho mamella teko le ha e le efe?

Bala Matheu 5:10-12 ebe le buisana ka potso ena:

  • Ke hobaneng ha o ka thaba le ha o hloriswa?

Dipaki Tsa Jehova tse dimilione di sebeletsa Jehova ka botshepehi ho sa tsotellehe mahloriso. Le wena o ka kgona

BATHO BA BANG BA RE: “Nka se kgone ho mamella mahloriso.”

  • Ke ditemana dife tse ka ba thusang hore ba be sebete?

KAKARETSO

Jehova o ananela boiteko ba rona ba ho mo sebeletsa ho sa tsotellehe mahloriso. Ka thuso ya hae re ka kgona ho mamella.

Re Ithutileng?

  • Ke hobaneng ha Bakreste ba lebelletse hore ba tla hloriswa?

  • O ka etsang hona jwale e le hore o itokisetse mahloriso?

  • Keng e ka o thusang hore o kgodisehe hore o ka kgona ho sebeletsa Jehova mathateng ohle a o hlahelang?

Seo o ka se Etsang

BATLA

Shebella ha morabo rona a hlalosa hore na Jehova o ile a mo thusa jwang hore a mamelle ha a ne a kentswe teronkong ka lebaka la tumelo ya hae.

Ho Mamella ho sa Tsotellehe Mahloriso (2:34)

Hlokomela hore na keng e thusitseng banyalani ba bang hore ba tswele pele ho sebeletsa Jehova ka dilemo tse ngata ho sa tsotellehe dikganyetso.

Ba Sebeletsa Jehova le ha Maemo a Fetoha (7:11)

Ithute hore na ke jwang o ka bang sebete ha o hloriswa.

“Itokisetse Mahloriso Hona Jwale” (Tora ya ho Lebela, July 2019)

Re lokela ho ikutlwa jwang ha re hanyetswa ke ba lelapa, hona re ka etsang hore re mamelle mathata a ho hanyetswa?

“Nnete e ‘Tlisa Sabole, Eseng Kgotso’” (Tora ya ho Lebela, October 2017)