Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 60

Tsoela Pele ho Matlafatsa Kamano ea Hao le Jehova

Tsoela Pele ho Matlafatsa Kamano ea Hao le Jehova

Ho tloha qalong ea buka ena u ithutile lintho tse ngata ka Jehova. Lintho tsena tseo u ithutileng tsona li entse hore u mo rate haholo hoo e ka ’nang eaba u inehetse ho eena le ho kolobetsoa. Haeba ha u e-s’o kolobetsoe e ka ’na eaba u ntse u nahana ho kolobetsoa haufinyane. Empa ka mor’a hore u kolobetsoe, ha oa lokela ho khaotsa ho matlafatsa kamano ea hao le Jehova. U ka tsoela pele u e-na le kamano e ntle le Jehova bophelo bohle ba hao. U ka etsa joalo joang?

1. Ke hobane’ng ha re lokela ho tsoela pele re matlafatsa kamano ea rona le Jehova?

Re lokela ho sebetsa ka thata e le hore re tsoele pele re matlafatsa kamano ea rona le Jehova. Hobane’ng? “E le hore le ka mohla re se ke ra hoholeha” kapa ra suthela hole le eena. (Baheberu 2:1) Ke’ng e ka re thusang hore re tsoele pele re sebeletsa Jehova ka botšepehi? Ke ho tsoela pele re sebetsa ka thata ho bolella batho litaba tse molemo le ho batla litsela tse ling tsa ho sebeletsa Molimo haholoanyane. (Bala Bafilipi 3:​16.) Ho sebeletsa Jehova ke tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho phela.​—Pesaleme ea 84:10.

2. Ke’ng hape eo u lokelang ho tsoela pele u e etsa?

Le hoja thuto ena ea Bibele e tl’o fela, bophelo ba hao joaloka Mokreste bo tl’o tsoela pele. Bibele e re re lokela ho ‘apara botho bo bocha.’ (Baefese 4:​23, 24) Ha u tsoela pele u ithuta lentsoe la Molimo le ho ea libokeng, u tla ithuta lintho tse ncha ka Jehova le makhabane a hae. Batla litsela tsa ho mo etsisa haholoanyane bophelong ba hao. Tsoela pele u etsa liphetoho tse hlokahalang e le hore u thabise Jehova.

3. Jehova o tla u thusa joang e le hore u tsoele pele ho matlafatsa kamano ea hao le eena?

Bibele e re: “Molimo . . . o tla qetela koetliso ea lona, o tla le tiisa, o tla le matlafatsa.” (1 Petrose 5:​10) Kaofela ha rona re kopana le maemo a thata. Empa Jehova o re fa seo re se hlokang e le hore re eme re tiile. (Pesaleme ea 139:​23, 24) O tšepisa hore o tla u thusa hore u batle ho mo sebeletsa ebile o tla u fa matla a hore u etse joalo ka botšepehi.​—Bala Bafilipi 2:13.

ITHUTE LINTLHA TSE LING

Ithute hore na u ka tsoela pele joang ho matlafatsa kamano ea hao le Jehova le kamoo Jehova a tla u hlohonolofatsa kateng.

4. Tsoela pele u bua le Jehova le ho mo mamela

Thapelo le ho ithuta Bibele li u thusitse hore u be motsoalle oa Jehova. Li ka u thusa joang hore u be le kamano e ntle le ho feta le Jehova?

Bala Pesaleme ea 62:8 ebe le buisana ka potso ena:

  • U ka etsa’ng hore u ntlafatse lithapelo tsa hao e le hore kamano ea hao le Jehova e be matla?

Bala Pesaleme ea 119:​97 ebe le buisana ka potso ena:

  • U ka ntlafatsa tsela eo u balang Bibele ka eona joang e le hore u matlafatse kamano ea hao le Jehova?

U ka etsa’ng hore u fumane molemo ha u ntse u ithuta Bibele u le mong? E le hore u bone hore na u ka etsa seo joang, bapala VIDEO ebe le buisana ka lipotso tse latelang.

  • Ke litlhahiso life tse hlahang videong ee tseo u ka li sebelisang?

  • Ke lintho life tseo u ka ratang ho ithuta tsona?

5. Ipehele lintho tseo u batlang ho li etsetsa Jehova

Ha u ipehetse lintho tseo u batlang ho li etsa tšebeletsong ea Jehova, ntho eo e tla u thusa hore u lule u e-na le kamano e matla le eena. Bapala VIDEO ebe le buisana ka potso e latelang.

  • Videong ee, ausi e mong ea bitsoang Cameron o ile a fumana melemo efe ka ho ipehela lintho tseo a batlang ho li etsetsa Jehova?

Ha se motho e mong le e mong ea ka khonang ho bolela litaba tse molemo naheng e ’ngoe. Empa e mong le e mong a ka khona ho ipehela hore na o tla etsetsa Jehova eng. Bala Liproverbia 21:5 ebe u nahana ka lintho tseo u batlang ho li etsetsa Jehova . . .

  • ka phuthehong.

  • tšimong.

Keletso e hlahang temaneng ee e ka u thusa joang hore u etse lintho tseo?

Lintho tseo u ka lekang ho li etsa

  • Ntlafatsa tsela eo u rapelang ka eona.

  • Bala Bibele kaofela.

  • Tseba bara le barali ba bo rona ka phuthehong.

  • Sebeletsa hore ho be le motho eo u ithutang Bibele le eena.

  • E-ba pula-maliboho ea thusang kapa pula-maliboho ea kamehla.

  • Haeba u mor’abo rona, sebeletsa ho ba mohlanka ea sebeletsang.

6. U ka thaba ka ho sa feleng

Bala Pesaleme ea 22:​26 ebe le buisana ka potso ena:

  • U ka etsa’ng e le hore u thabele bophelo hona joale le ka ho sa feleng?

KAKARETSO

Tsoela pele ho matlafatsa kamano ea hao le Jehova le ho ipehela lintho tseo u ka li etsang ho mo sebeletsa. Ha u etsa joalo u tla thaba hona joale le ka ho sa feleng!

Re Ithutile’ng?

  • Ke hobane’ng ha u ka kholiseha hore Jehova o tla u thusa hore u mo sebeletse ka botšepehi?

  • U ka matlafatsa kamano ea hao le Jehova joang?

  • Ho ba le lintho tseo u batlang ho li etsetsa Jehova ho ka matlafatsa kamano ea hao le eena joang?

Seo U ka se Etsang Nakong e Tlang

BATLA

Na Jehova o tla thaba haholo haeba re etsa ntho e le ’ngoe feela e kholo e bontšang hore rea mo rata kapa haeba re qeta bophelo bohle ba rona re mo sebeletsa ka botšepehi?

Tšepahala Joaloka Abrahama (9:​20)

Le mohlanka ea tšepahalang oa Jehova a ka felloa ke thabo. Bona hore na a ka etsa’ng e le hore a boele a thabe.

Fumana Thabo Hape ka ho Bala le ho Nahanisisa (5:​25)

U ka ipehela lintho tseo u batlang ho li etsa tšebeletsong ea Jehova joang u be u li etse?

“Sebelisa Lipakane Tsa Moea ho Tlotlisa ’Mopi oa Hao” (Molula-Qhooa, July 15, 2004)

Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore u be Mokreste ea nang le kamano e matla le Molimo, hona u ka ba Mokreste ea joalo joang?

“Hatelang Pele ka Matla Kholong e Feletseng​—‘Letsatsi le Leholo la Jehova le Haufi’ ” (Molula-Qhooa, May 15, 2009)