Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

KGAOLO YA 60

Tswela Pele ho Matlafatsa Kamano ya Hao le Jehova

Tswela Pele ho Matlafatsa Kamano ya Hao le Jehova

Ho tloha qalong ya buka ena o ithutile dintho tse ngata ka Jehova. Dintho tsena tseo o ithutileng tsona di entse hore o mo rate haholo hoo e ka nnang yaba o inehetse ho yena le ho kolobetswa. Haeba ha o eso kolobetswe e ka nna yaba o ntse o nahana ho kolobetswa haufinyane. Empa ka mora hore o kolobetswe, ha o a lokela ho kgaotsa ho matlafatsa kamano ya hao le Jehova. O ka tswela pele o na le kamano e ntle le Jehova bophelo bohle ba hao. O ka etsa jwalo jwang?

1. Ke hobaneng ha re lokela ho tswela pele re matlafatsa kamano ya rona le Jehova?

Re lokela ho sebetsa ka thata e le hore re tswele pele re matlafatsa kamano ya rona le Jehova. Hobaneng? “E le hore le ka mohla re se ke ra hoholeha” kapa ra suthela hole le yena. (Baheberu 2:1) Ke eng e ka re thusang hore re tswele pele re sebeletsa Jehova ka botshepehi? Ke ho tswela pele re sebetsa ka thata ho bolella batho ditaba tse molemo le ho batla ditsela tse ding tsa ho sebeletsa Modimo haholwanyane. (Bala Bafilipi 3:16.) Ho sebeletsa Jehova ke tsela e molemo ka ho fetisisa ya ho phela.​—Pesaleme ya 84:10.

2. Ke eng hape eo o lokelang ho tswela pele o e etsa?

Le hoja thuto ena ya Bibele e tlo fela, bophelo ba hao jwalo ka Mokreste bo tlo tswela pele. Bibele e re re lokela ho ‘apara botho bo botjha.’ (Baefese 4:23, 24) Ha o tswela pele o ithuta lentswe la Modimo le ho ya dibokeng, o tla ithuta dintho tse ntjha ka Jehova le makgabane a hae. Batla ditsela tsa ho mo etsisa haholwanyane bophelong ba hao. Tswela pele o etsa diphetoho tse hlokahalang e le hore o thabise Jehova.

3. Jehova o tla o thusa jwang e le hore o tswele pele ho matlafatsa kamano ya hao le yena?

Bibele e re: “Modimo . . . o tla qetela kwetliso ya lona, o tla le tiisa, o tla le matlafatsa.” (1 Petrose 5:10) Kaofela ha rona re kopana le maemo a thata. Empa Jehova o re fa seo re se hlokang e le hore re eme re tiile. (Pesaleme ya 139:23, 24) O tshepisa hore o tla o thusa hore o batle ho mo sebeletsa ebile o tla o fa matla a hore o etse jwalo ka botshepehi.​—Bala Bafilipi 2:13.

ITHUTE DINTLHA TSE DING

Ithute hore na o ka tswela pele jwang ho matlafatsa kamano ya hao le Jehova le ka moo Jehova a tla o hlohonolofatsa ka teng.

4. Tswela pele o bua le Jehova le ho mo mamela

Thapelo le ho ithuta Bibele di o thusitse hore o be motswalle wa Jehova. Di ka o thusa jwang hore o be le kamano e ntle le ho feta le Jehova?

Bala Pesaleme ya 62:8 ebe le buisana ka potso ena:

  • O ka etsang hore o ntlafatse dithapelo tsa hao e le hore kamano ya hao le Jehova e be matla?

Bala Pesaleme ya 119:97 ebe le buisana ka potso ena:

  • O ka ntlafatsa tsela eo o balang Bibele ka yona jwang e le hore o matlafatse kamano ya hao le Jehova?

O ka etsang hore o fumane molemo ha o ntse o ithuta Bibele o le mong? E le hore o bone hore na o ka etsa seo jwang, bapala VIDEO ebe le buisana ka dipotso tse latelang.

  • Ke ditlhahiso dife tse hlahang videong ee tseo o ka di sebedisang?

  • Ke dintho dife tseo o ka ratang ho ithuta tsona?

5. Ipehele dintho tseo o batlang ho di etsetsa Jehova

Ha o ipehetse dintho tseo o batlang ho di etsa tshebeletsong ya Jehova, ntho eo e tla o thusa hore o dule o na le kamano e matla le yena. Bapala VIDEO ebe le buisana ka potso e latelang.

  • Videong ee, ausi e mong ya bitswang Cameron o ile a fumana melemo efe ka ho ipehela dintho tseo a batlang ho di etsetsa Jehova?

Ha se motho e mong le e mong ya ka kgonang ho bolela ditaba tse molemo naheng e nngwe. Empa e mong le e mong a ka kgona ho ipehela hore na o tla etsetsa Jehova eng. Bala Liproverbia 21:5 ebe o nahana ka dintho tseo o batlang ho di etsetsa Jehova . . .

  • ka phuthehong.

  • tshimong.

Keletso e hlahang temaneng ee e ka o thusa jwang hore o etse dintho tseo?

Dintho tseo o ka lekang ho di etsa

  • Ntlafatsa tsela eo o rapelang ka yona.

  • Bala Bibele kaofela.

  • Tseba bara le baradibabo rona ka phuthehong.

  • Sebeletsa hore ho be le motho eo o ithutang Bibele le yena.

  • Eba pulamadiboho ya thusang kapa pulamadiboho ya ka mehla.

  • Haeba o morabo rona, sebeletsa ho ba mohlanka ya sebeletsang.

6. O ka thaba ka ho sa feleng

Bala Pesaleme ya 22:26 ebe le buisana ka potso ena:

  • O ka etsa eng e le hore o thabele bophelo hona jwale le ka ho sa feleng?

KAKARETSO

Tswela pele ho matlafatsa kamano ya hao le Jehova le ho ipehela dintho tseo o ka di etsang ho mo sebeletsa. Ha o etsa jwalo o tla thaba hona jwale le ka ho sa feleng!

Re Ithutileng?

  • Ke hobaneng ha o ka kgodiseha hore Jehova o tla o thusa hore o mo sebeletse ka botshepehi?

  • O ka matlafatsa kamano ya hao le Jehova jwang?

  • Ho ba le dintho tseo o batlang ho di etsetsa Jehova ho ka matlafatsa kamano ya hao le yena jwang?

Seo o ka se Etsang Nakong e Tlang

BATLA

Na Jehova o tla thaba haholo haeba re etsa ntho e le nngwe feela e kgolo e bontshang hore re a mo rata kapa haeba re qeta bophelo bohle ba rona re mo sebeletsa ka botshepehi?

Tshepahala Jwalo ka Abrahama (9:20)

Le mohlanka ya tshepahalang wa Jehova a ka fellwa ke thabo. Bona hore na a ka etsang e le hore a boele a thabe.

Fumana Thabo Hape ka ho Bala le ho Nahanisisa (5:25)

O ka ipehela dintho tseo o batlang ho di etsa tshebeletsong ya Jehova jwang o be o di etse?

“Sebedisa Dipakane Tsa Moya ho Tlotlisa Mmopi wa Hao” (Molula-Qhooa, July 15, 2004)

Ke hobaneng ha e le habohlokwa hore o be Mokreste ya nang le kamano e matla le Modimo, hona o ka ba Mokreste ya jwalo jwang?

“Hatelang Pele ka Matla Kgolong e Feletseng—‘Letsatsi le Leholo la Jehova le Haufi’” (Molula-Qhooa, May 15, 2009)