Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

U Ithutile’ng Karolong ea 2?

U Ithutile’ng Karolong ea 2?

Buisanang ka lipotso tse latelang le motho eo u ithutang Bibele le eena:

  1. Molimo o tl’o etsa’ng ka bolumeli ba bohata?

    (Sheba Khaolo ea 13.)

  2. Bala Exoda 20:​4-6.

    • Jehova o ikutloa joang ka batho ba mo rapelang ba sebelisa litšoantšo?

      (Sheba Khaolo ea 14.)

  3. Jesu ke mang?

    (Sheba Khaolo ea 15.)

  4. Ke makhabane afe a Jesu ao u a ratang?

    (Sheba Khaolo ea 17.)

  5. Bala Johanne 13:​34, 35 le Liketso 5:42.

    • Bakreste ba ’nete ke bo-mang? Ke hobane’ng ha u cho joalo?

      (Sheba Khaolo ea 18 le ea 19.)

  6. Hlooho ea phutheho ke mang, hona o e tataisa joang?

    (Sheba Khaolo ea 20.)

  7. Bala Matheu 24:14.

    • Boprofeta boo bo phethahala joang mehleng ee?

    • Ke mang eo u kileng oa bua le eena ka molaetsa oa Bibele?

      (Sheba Khaolo ea 21 le ea 22.)

  8. Na u nahana hore ho bohlokoa hore motho a kolobetsoe? Ke hobane’ng ha u cho joalo?

    (Sheba Khaolo ea 23.)

  9. U ka etsa’ng hore u itšireletse ho Satane le bademona?

    (Sheba Khaolo ea 24.)

  10. Molimo o batla hore re phele bophelo bo joang?

    (Sheba Khaolo ea 25.)

  11. Ke hobane’ng ha re hlaheloa ke mathata ebile re shoa?

    (Sheba Khaolo ea 26.)

  12. Bala Johanne 3:16.

    • Jehova o entse’ng ho re pholosa sebeng le lefung?

      (Sheba Khaolo ea 27.)

  13. Bala Moeklesia 9:5.

    • Na batho ba hlokahetseng ba ntse ba phela?

    • Jesu o tla etsa’ng ka batho ba libilione ba hlokahetseng?

      (Sheba Khaolo ea 29 le ea 30.)

  14. Ke joang ’Muso oa Molimo o leng molemo ho feta mebuso ea batho?

    (Sheba Khaolo ea 31 le ea 33.)

  15. Na oa lumela hore ’Muso oa Molimo oa busa hona joale? Ke hobane’ng ha u cho joalo? O qalile neng ho busa?

    (Sheba Khaolo ea 32.)