Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

O Ithutileng Karolong ya 3?

O Ithutileng Karolong ya 3?

Buisanang ka dipotso tse latelang le motho eo o ithutang Bibele le yena:

  1. Bala Liproverbia 27:11.

    • Ke hobaneng ha o batla ho tshepahalla Jehova?

      (Sheba Kgaolo ya 34.)

  2. O ka etsa diqeto tse nepahetseng jwang moo Bibele e sa faneng ka molao o tobileng?

    (Sheba Kgaolo ya 35.)

  3. O ka tshepahala jwang dinthong tsohle?

    (Sheba Kgaolo ya 36.)

  4.  Bala Matheu 6:33.

    • O ka bontsha jwang hore o ‘batla Mmuso pele’ ditabeng tse amanang le mosebetsi le tjhelete?

      (Sheba Kgaolo ya 37.)

  5. O ka bontsha ka ditsela dife hore o nka bophelo e le ba bohlokwa jwalo ka Jehova?

    (Sheba Kgaolo ya 38.)

  6. Bala Liketso 15:29.

    • O ka mamela molao wa Jehova jwang ditabeng tse amanang le madi?

    • Na o nahana hore melao ya hae e a utlwahala?

      (Sheba Kgaolo ya 39.)

  7. Bala 2 Bakorinthe 7:1.

    • Ho hlweka mmeleng le boitshwarong ho bolelang?

      (Sheba Kgaolo ya 40.)

  8. Bala 1 Bakorinthe 6:9, 10.

    • Bibele e reng ka thobalano? Na o dumellana le seo e se buang?

    • Bibele e reng ka ho nwa jwala?

      (Sheba Kgaolo ya 41 le ya 43.)

  9. Bala Matheu 19:4-6, 9.

    • Molao wa Modimo o reng ka lenyalo?

    • Ke hobaneng ha lenyalo le tlhalo di lokela ho ngodiswa ka molao?

      (Sheba Kgaolo ya 42.)

  10. Ke matsatsi afe a phomolo le mekete e sa thabiseng Jehova, hona hobaneng?

    (Sheba Kgaolo ya 44.)

  11. Bala Johanne 17:​16 le Liketso 5:29.

    • O ka etsang hore o dule o sa kenelle dipolotiking?

    • O lokela ho etsang haeba molao wa batho o le kgahlanong le molao wa Modimo?

      (Sheba Kgaolo ya 45.)

  12. Bala Mareka 12:30.

    • O ka bontsha jwang hore o rata Jehova?

      (Sheba Kgaolo ya 46 le ya 47.)