Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na ke se ke Itokisitse?

Na ke se ke Itokisitse?

Na ke se ke Itokiselitse ho Ruta Bibele le Phutheho?

U tla be u bontša hore u itokiselitse ho ba mohoeletsi ea sa kolobetsoang haeba u . . .

  • Bala Bibele kamehla, u rapela ebile u ea libokeng tsa phutheho.

  • Rata ebile u lumela seo u ithutang sona hape u batla ho se bolella batho ba bang.

  • Rata Jehova ebile u khetha metsoalle e mo ratang.

  • Tlohetse ho ba setho sa mokhatlo oa lipolotiki kapa sa bolumeli bo bong.

  • Phela ka melao ea Jehova hape u batla ho ba Paki ea Jehova.

Haeba u se u itokiselitse ho ruta Bibele le phutheho, motho eo u ithutang Bibele le eena o tla u thusa hore u kopane le baholo e le hore ba bone hore na oa tšoaneleha.

Na ke Itokiselitse ho Kolobetsoa?

U tla be u bontša hore u itokiselitse ho kolobetsoa haeba u . . .

  • Mohoeletsi ea sa kolobetsoang.

  • Leka ho buisana le batho ka molaetsa oa Bibele kamehla.

  • Tšehetsa ebile u latela tataiso ea “lekhoba le tšepahalang le le masene.”​—Matheu 24:​45-47.

  • Inehetse ho Jehova ka thapelo ebile u batla ho mo sebeletsa bophelo ba hao bohle.

Haeba u se u itokiselitse ho kolobetsoa, motho eo u ithutang Bibele le eena o tla u thusa hore u kopane le baholo e le hore ba bone hore na oa tšoaneleha.