Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na ke se ke Itokisitse?

Na ke se ke Itokisitse?

Na ke se ke Itokiseditse ho Ruta Bibele le Phutheho?

O tla be o bontsha hore o itokiseditse ho ba mohweletsi ya sa kolobetswang haeba o . . .

  • Bala Bibele ka mehla, o rapela ebile o ya dibokeng tsa phutheho.

  • Rata ebile o dumela seo o ithutang sona hape o batla ho se bolella batho ba bang.

  • Rata Jehova ebile o kgetha metswalle e mo ratang.

  • Tlohetse ho ba setho sa mokgatlo wa dipolotiki kapa sa bodumedi bo bong.

  • Phela ka melao ya Jehova hape o batla ho ba Paki ya Jehova.

Na ke Itokiseditse ho Kolobetswa?

O tla be o bontsha hore o itokiseditse ho kolobetswa haeba o . . .

• Mohweletsi ya sa kolobetswang.

  • Leka ho buisana le batho ka molaetsa wa Bibele ka mehla.

  • Tshehetsa ebile o latela tataiso ya “lekgoba le tshepahalang le le masene.”​—Matheu 24:45-47.

  • Inehetse ho Jehova ka thapelo ebile o batla ho mo sebeletsa bophelo ba hao bohle.

  • Haeba o se o itokiseditse ho ruta Bibele le phutheho, motho eo o ithutang Bibele le yena o tla o thusa hore o kopane le baholo e le hore ba bone hore na o a tshwaneleha.

Haeba o se o itokiseditse ho kolobetswa, motho eo o ithutang Bibele le yena o tla o thusa hore o kopane le baholo e le hore ba bone hore na o a tshwaneleha.