Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare


Kamoo u ka fumanang molemo kateng thutong ena ea Bibele

Kamoo u ka fumanang molemo kateng thutong ena ea Bibele

Bala selelekela sena pele ebe u bapala VIDEO.

KAROLO E QALANG

E le hore u lokisetse khaolo e ’ngoe le e ’ngoe, bala karolo e qalang. Lipotso (A) le mangolo (B)  a ngotsoeng ka botenya a hatisa lintlha tse ka sehloohong. Hlokomela hore mangolo a mang a ngotsoe “bala.”

KAROLO E MAHARENG

Polelo e qalang (C) tlas’a Ithute Lintlha Tse Ling e hlalosa lintho tseo re tla ithuta tsona. Lihloohoana (D) li bontša lintlha tsa bohlokoa. Bala mangolo le motho ea u rutang Bibele, u arabe lipotso ’me u shebelle livideo.

LIVIDEO tse hlahang khaolong e ’ngoe le e ’ngoe li tsamaisana le khaolo eo. Livideo tse ling li bontša lintho tse hlileng li etsahetseng, hape tse ling li bontša lintho tse ka etsahalang.

Hlokomela litšoantšo le mantsoe a ngotsoeng tlas’a tsona (E), ebe u nahana kamoo u tla araba lipotso tse hlahang tlas’a Batho ba Bang ba Re (F).

KAROLO EA HO QETELA

Kakaretso le Re Ithutile’ng (G) li akaretsa lintlha tsa khaolo. Ngola letsatsi leo u qetileng khaolo ka lona. Seo U ka se Etsang (H) e bontša lintho tseo u ka li etsang. Batla (I) e na le lintlha tse ling tseo u ka li balang kapa livideo tseo u ka li shebellang.

U ka fumana litemana tsa Bibele joang?

Bibele e entsoe ka libuka tse 66. E arotsoe ka mekhahlelo e ’meli e leng: Mangolo a Seheberu le Searame (“Testamente ea Khale”) le Mangolo a Segerike a Bakreste (“Testamente e Ncha”).

Bukeng ena ha ho hlaha lengolo la Bibele, le bontšoa ka lebitso la lengolo leo (A), ho latele khaolo (B) le temana kapa litemana (C).

Ka mohlala, Johanne 17:3 e bolela lengolo la Johanne, khaolo ea 17, temana ea 3.