Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Selelekela

Selelekela

Buka ena ea Litemana Tsa Bibele Tse Thusang Bakreste e tla u thusa ho fumana litemana habonolo le mehlala ea batho ba ka Bibeleng e tla u thusa ha u e-na le mathata. E tla boela e u thuse ho fumana mehlala ea Bibele eo u ka e sebelisang ho khothatsa ba bang le ho ba thusa hore ba etse liqeto tse thabisang Jehova. Ha u ntse u sebelisa buka ena, u ka khetha sehlooho seo u se batlang ’me sehloohong ka seng, ho na le lipotso tsa bohlokoa le litlhaloso tse khutšoanyane tsa litlaleho tsa Bibele. (Sheba lebokose la “ Kamoo u ka Sebelisang Buka Ena.”) Buka ena e tla u thusa ho fumana likeletso tsa Bibele le litemana tse tla u thusa le ho u tšelisa. U tla fumana le litemana tsa Bibele tseo u ka li sebelisang ho thusa batho ba nyahameng le ba nang le mathata.

Haeba u khetha sehlooho se itseng, tlas’a sona u tla fumana litemana tse ngata tse tla u thusa empa u ka ’na oa se li fumane kaofela. Haeba u batla litemana tse ling, u ka sebelisa lithulusi tse ling tsa rona tsa ho etsa lipatlisiso. (Pr 2:​1-6) U ka boela oa sebelisa litšupiso le li study note tse hlahang ho Bibele ea Study Bible ea Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang ea Senyesemane. Haeba u batla ho fumana lintlha tse ling ka temana e itseng le hore na e ka u thusa joang bophelong, u ka sebelisa Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso ea Lipaki Tsa Jehova kapa Watch Tower Publications Index. Lithulusi tsena li tla u thusa hore u fumane lingoloa tse buang ka temana eo u e batlang. Lingoloa tsa morao-rao li tla u thusa ho bona hore na hona joale re se re utloisisa temana eo joang.

Re tšepa hore buka ena ea Litemana Tsa Bibele Tse Thusang Bakreste e tla u thusa ho fumana bohlale, tsebo le kutloisiso e ka har’a Mangolo a Halalelang. Ha u ntse u sebelisa buka ena, u tla kholiseha le ho feta hore ‘Lentsoe la Molimo lea phela ebile le fana ka matla.’—Heb 4:12.