Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Selelekela

Selelekela

Buka ena ya Ditemana Tsa Bibele Tse Thusang Bakreste e tla o thusa ho fumana ditemana ha bonolo le mehlala ya batho ba ka Bibeleng e tla o thusa ha o ena le mathata. E tla boela e o thuse ho fumana mehlala ya Bibele eo o ka e sebedisang ho kgothatsa ba bang le ho ba thusa hore ba etse diqeto tse thabisang Jehova. Ha o ntse o sebedisa buka ena, o ka kgetha sehlooho seo o se batlang mme sehloohong ka seng, ho na le dipotso tsa bohlokwa le ditlhaloso tse kgutshwanyane tsa ditlaleho tsa Bibele. (Sheba lebokose la “ Ka Moo o ka Sebedisang Buka Ena.”) Buka ena e tla o thusa ho fumana dikeletso tsa Bibele le ditemana tse tla o thusa le ho o tshedisa. O tla fumana le ditemana tsa Bibele tseo o ka di sebedisang ho thusa batho ba nyahameng le ba nang le mathata.

Haeba o kgetha sehlooho se itseng, tlasa sona o tla fumana ditemana tse ngata tse tla o thusa empa o ka nna wa se di fumane kaofela. Haeba o batla ditemana tse ding, o ka sebedisa dithulusi tse ding tsa rona tsa ho etsa dipatlisiso. (Pr 2:​1-6) O ka boela wa sebedisa ditshupiso le di study note tse hlahang ho Bibele ya Study Bible ya Phetolelo ya Lefatshe le Letjha ya Mangolo a Halalelang ya Senyesemane. Haeba o batla ho fumana dintlha tse ding ka temana e itseng le hore na e ka o thusa jwang bophelong, o ka sebedisa Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso ea Lipaki Tsa Jehova kapa Watch Tower Publications Index. Dithulusi tsena di tla o thusa hore o fumane dingolwa tse buang ka temana eo o e batlang. Dingolwa tsa moraorao di tla o thusa ho bona hore na hona jwale re se re utlwisisa temana eo jwang.

Re tshepa hore buka ena ya Ditemana Tsa Bibele Tse Thusang Bakreste e tla o thusa ho fumana bohlale, tsebo le kutlwisiso e ka hara Mangolo a Halalelang. Ha o ntse o sebedisa buka ena, o tla kgodiseha le ho feta hore ‘Lentswe la Modimo le a phela ebile le fana ka matla.’—Heb 4:12.