Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Mekete

Mekete

Mekete eo Bakreste ba e ketekang

Ke mokete ofe oo Bakreste ba o ketekang?

Batho ba Modimo ba thabela ho kopana ha mmoho bakeng sa ho mo rapela

De 31:12; Heb 10:​24, 25

  • Mohlala wa Bibele o ka o thusang:

Mekete eo Bakreste ba sa e ketekeng

Ke hobaneng ha ho fosahetse ho keteka mokete o amanang le borapedi ba bohata?

1Ko 10:21; 2Ko 6:​14-18; Ef 5:​10, 11

Sheba le “Ho Kopanya Bodumedi ba Nnete le ba Bohata

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • Ex 32:​1-10—Jehova o ne a halefile haholo ha Baiseraele ba ne ba rapela setshwantsho seo ba neng ba re se emela yena

    • Nu 25:​1-9—Jehova o ile a otla batho ba ileng ba kenella meketeng ya bohetene le ho etsa boitshwaro bo bobe bo amanang le thobalano

Na Keresemese ke mokete wa Bokreste?

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • Lu 2:​1-5—Ha Jesu a ne a hlaha, batho bohle ba neng ba le tlasa puso ya Roma ba ne ba lokela ho ngodiswa empa ka ha Bajuda ba ne ba tletse borabele, Baroma ba ne ba ke ke ba ba qobella hore ba nke leeto mariha

    • Lu 2:​8, 12—Nakong eo Jesu a hlahileng ka yona badisa ba ne ba phela naheng le dinku. Ba ne ba ke ke ba kgona ho phela naheng ka December ka ha sebakeng seo e ne e le mariha

Na Bakreste ba lokela ho keteka matsatsi a tswalo?

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • Ge 40:​20-22—Letsatsing leo ka lona Faro wa mohetene a ketekang letsatsi la hae la tswalo, ho ile ha eba le motho ya bolawang

    • Mat 14:​6-11—Letsatsing leo Morena Heroda ya neng a hloile balatedi ba Kreste a ketekang letsatsi la hae la tswalo, o ile a laela hore Johanne Mokolobetsi a bolawe

Mekete e neng e thehilwe Molaong wa Moshe

Na Bakreste ba lokela ho latela Molao wa Moshe, ho akareletsa le ho keteka mekete e fapaneng e hlahang molaong oo?

Na Bakreste ba lokela ho mamela molao o mabapi le Sabatha?

Mekete ya naha

Na Bakreste ba lokela ho kenella ha dinaha tsa habo bona di keteka dintho tseo di di finyeletseng?

Na Bakreste ba lokela ho kenella ha dinaha tseo ba phelang ho tsona di keteka tlholo ya tsona dintweng?

Na Bakreste ba lokela ho nka karolo meketeng e fang batho tlhompho e lokelang ho fuwa Jehova?

Ex 20:5; Bar 1:25

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • Dik 12:​21-23—Modimo o ile a otla Morena Heroda Agripa wa Pele hobane o ile a dumela ha batho ba mo rapela

    • Dik 14:​11-15—Moapostola Barnabase le Pauluse ba ile ba hana ho rapelwa

    • Tshe 22:​8, 9—Lengeloi la Jehova le ile la hana ho rapelwa