Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho Tšelisa

Ho Tšelisa

Mangolo a re khothatsang ha re nyahame

Ho tšoenyeha

Sheba “Ho Tšoenyeha

Ho utloa bohloko; ho koata

Batho ba bang ha baa thaba ka lebaka la mathata a bona le ho tšoaroa ka ho hloka toka

Moe 9:​11, 12

Sheba le Ps 142:4; Moe 4:1; 7:7

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • Ru 1:​11-13, 20—Ka mor’a ho hlokahalloa ke monna le bara ba babeli, Naomi o ile a utloa bohloko haholo hoo a neng a nahana hore Jehova o mo lahlile

    • Job 3:​1, 11, 25, 26; 10:1—Jobo o ne a sa thaba ka mor’a ho lahleheloa ke maruo, bana ba hae le hore ebe o ile a kula

  • Mangolo a ka u khothatsang:

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u khothatsang:

Batho ba bang ha baa thaba ka lebaka la lintho tse khopo tseo batho ba bang ba li etsang

Moe 4:​1, 2

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

  • Mangolo a ka u khothatsang:

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u khothatsang:

    • 1Sa 1:​9-11, 18—Anna ha aa ka a hlola a tšoenyeha ka mor’a hore a rapele Jehova a mo bolelle kamoo a ikutloang kateng

    • Job 42:​7, 8, 10, 17—Jehova o ile a hlohonolofatsa Jobo ka mor’a hore a tšoarele metsoalle ea hae e meraro

Ha u ikutloa u le molato

Esd 9:6; Ps 38:​3, 4, 8; 40:12

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • 2Ma 22:​8-13; 23:​1-3—Ha Morena Josiase le bahlanka ba hae ba utloa mantsoe a tsoang bukeng ea Molao oa Moshe, ba ile ba utloisisa hore ba foselitse Jehova haholo

    • Esd 9:​10-15; 10:​1-4—Esdrase le batho ba bang ba ile ba utloa bohloko haholo hobane ba bang ba bona ba ne ba sitetsoe Jehova ’me ba nyetse basali ba balichaba

    • Lu 22:​54-62—Moapostola Petrose o ile a utloa bohloko haholo ka mor’a hore a latole Jesu ka makhetlo a mararo

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u khothatsang:

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u Khothatsang:

    • 2Kr 33:​9-13, 15, 16—Manase o ile a etsa lintho tse mpe ho feta marena ’ohle a Juda, leha ho le joalo o ile a baka ’me Jehova a mo hauhela

    • Lu 15:​11-32—Jesu o ile a etsa papiso ea mora ea lahlehileng ho bontša hore Jehova o tšoarela ka ho feletseng

Ho soetseha ha batho ba bang ba re utloisitse bohloko kapa ba re fetohetse

Sheba “Ho Soetseha

Ho soetseha ka lebaka la libe le mefokolo ea rona

Sheba “Ho Soetseha

Ho belaella bokhoni ba rona

Sheba “Ho se Itšepe

Ha re ikutloa eka ha re khone ho rarolla bothata bo itseng kapa ho phetha kabelo eo re e fuoeng

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • Ex 3:11; 4:10—Moprofeta Moshe o ne a ikutloa a sa tšoanelehe hore a ka bua le Faro le hore a ka ntša sechaba sa Molimo Egepeta

    • Jer 1:​4-6—Jeremia o ne a ikutloa a sa tšoanelehe ebile a le monyenyane hore a ka phatlalatsa likahlolo tsa Jehova ho batho ba sa batleng ho mamela

  • Mangolo a ka u khothatsang:

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u khothatsang:

    • Ex 3:12; 4:​11, 12—Jehova o ile a kholisa moprofeta Moshe hore o tla mo thusa ho phetha mosebetsi oa hae

    • Jer 1:​7-10—Jehova o ile a bolella moprofeta Jeremia hore a se ke a tšoha hobane o ne a tl’o mo thusa mosebetsing oa hae o boima

Mona; mohono

Sheba “Mona

Mathata a bakoang ke ho kula kapa ho tsofala

Ps 71:​9, 18; Moe 12:​1-7

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • 2Ma 20:​1-3—Morena Ezekiase o ile a lla habohloko ha a ne a kulela lefu

    • Baf 2:​25-30—Epafroditase o ne a utloile bohloko haholo hobane a utloile hore bana babo ba Filipi ba utloile hore oa kula ’me o ne a tšohile hore ba tla nahana hore o hlolehile ho phetha mosebetsi oa hae

  • Mangolo a ka u khothatsang:

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u khothatsang:

    • 2Sa 17:​27-29; 19:​31-38—Morena o ile a fa Barzilai tlotla ea hore a tšelele le eena Jerusalema empa ka lebaka la ho ikokobetsa, Barzilai ha aa ka a amohela kopo eo hobane o ne a elelloa hore o se a holile haholo hore a ka e phetha

    • Ps 41:​1-3, 12—Ha Morena Davida a ne a kula haholo, o ne a kholisehile hore Jehova o tla mo thusa

    • Mar 12:​41-44—Jesu o ile a babatsa mohlolohali ea futsanehileng ka ho fana ka sohle seo a neng a e-na le sona

Ho hlola khatello e bakoang ke ho tšoaroa hampe ke batho ba bang

Sheba “Ho Tšoaroa Hampe

Tšabo e matla; ho tšoha

Sheba “Ho Tšoha

Ho hlorisoa

Sheba “Mahloriso