Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho Tshedisa

Ho Tshedisa

Mangolo a re kgothatsang ha re nyahame

Ho tshwenyeha

Sheba “Ho Tshwenyeha

Ho utlwa bohloko; ho kwata

Batho ba bang ha ba a thaba ka lebaka la mathata a bona le ho tshwarwa ka ho hloka toka

Moe 9:​11, 12

Sheba le Ps 142:4; Moe 4:1; 7:7

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • Ru 1:​11-13, 20—Ka mora ho hlokahallwa ke monna le bara ba babedi, Naomi o ile a utlwa bohloko haholo hoo a neng a nahana hore Jehova o mo lahlile

    • Job 3:​1, 11, 25, 26; 10:1—Jobo o ne a sa thaba ka mora ho lahlehelwa ke maruo, bana ba hae le hore ebe o ile a kula

  • Mangolo a ka o kgothatsang:

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o kgothatsang:

Batho ba bang ha ba a thaba ka lebaka la dintho tse kgopo tseo batho ba bang ba di etsang

Moe 4:​1, 2

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

  • Mangolo a ka o kgothatsang:

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o kgothatsang:

    • 1Sa 1:​9-11, 18—Anna ha a ka a hlola a tshwenyeha ka mora hore a rapele Jehova a mo bolelle ka moo a ikutlwang ka teng

    • Job 42:​7, 8, 10, 17—Jehova o ile a hlohonolofatsa Jobo ka mora hore a tshwarele metswalle ya hae e meraro

Ha o ikutlwa o le molato

Esd 9:6; Ps 38:​3, 4, 8; 40:12

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • 2Ma 22:​8-13; 23:​1-3—Ha Morena Josiase le bahlanka ba hae ba utlwa mantswe a tswang bukeng ya Molao wa Moshe, ba ile ba utlwisisa hore ba foseditse Jehova haholo

    • Esd 9:​10-15; 10:​1-4—Esdrase le batho ba bang ba ile ba utlwa bohloko haholo hobane ba bang ba bona ba ne ba sitetswe Jehova mme ba nyetse basadi ba baditjhaba

    • Lu 22:​54-62—Moapostola Petrose o ile a utlwa bohloko haholo ka mora hore a latole Jesu ka makgetlo a mararo

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o kgothatsang:

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o kgothatsang:

    • 2Kr 33:​9-13, 15, 16—Manase o ile a etsa dintho tse mpe ho feta marena ohle a Juda, le ha ho le jwalo o ile a baka mme Jehova a mo hauhela

    • Lu 15:​11-32—Jesu o ile a etsa papiso ya mora ya lahlehileng ho bontsha hore Jehova o tshwarela ka ho feletseng

Ho swetseha ha batho ba bang ba re utlwisitse bohloko kapa ba re fetohetse

Sheba “Ho Swetseha

Ho swetseha ka lebaka la dibe le mefokolo ya rona

Sheba “Ho Swetseha

Ho belaella bokgoni ba rona

Sheba “Ho se Itshepe

Ha re ikutlwa eka ha re kgone ho rarolla bothata bo itseng kapa ho phetha kabelo eo re e fuweng

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • Ex 3:11; 4:10—Moprofeta Moshe o ne a ikutlwa a sa tshwanelehe hore a ka bua le Faro le hore a ka ntsha setjhaba sa Modimo Egepeta

    • Jer 1:​4-6—Jeremia o ne a ikutlwa a sa tshwanelehe ebile a le monyenyane hore a ka phatlalatsa dikahlolo tsa Jehova ho batho ba sa batleng ho mamela

  • Mangolo a ka o kgothatsang:

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o kgothatsang:

    • Ex 3:12; 4:​11, 12—Jehova o ile a kgodisa moprofeta Moshe hore o tla mo thusa ho phetha mosebetsi wa hae

    • Jer 1:​7-10—Jehova o ile a bolella moprofeta Jeremia hore a se ke a tshoha hobane o ne a tlo mo thusa mosebetsing wa hae o boima

Mona; mohono

Sheba “Mona

Mathata a bakwang ke ho kula kapa ho tsofala

Ps 71:​9, 18; Moe 12:​1-7

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • 2Ma 20:​1-3—Morena Ezekiase o ile a lla ha bohloko ha a ne a kulela lefu

    • Baf 2:​25-30—Epafroditase o ne a utlwile bohloko haholo hobane a utlwile hore bana babo ba Filipi ba utlwile hore o a kula mme o ne a tshohile hore ba tla nahana hore o hlolehile ho phetha mosebetsi wa hae

  • Mangolo a ka o kgothatsang:

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o kgothatsang:

    • 2Sa 17:​27-29; 19:​31-38—Morena o ile a fa Barzilai tlotla ya hore a tshelele le yena Jerusalema empa ka lebaka la ho ikokobetsa, Barzilai ha a ka a amohela kopo eo hobane o ne a elellwa hore o se a hodile haholo hore a ka e phetha

    • Ps 41:​1-3, 12—Ha Morena Davida a ne a kula haholo, o ne a kgodisehile hore Jehova o tla mo thusa

    • Mar 12:​41-44—Jesu o ile a babatsa mohlolohadi ya futsanehileng ka ho fana ka sohle seo a neng a ena le sona

Ho hlola kgatello e bakwang ke ho tshwarwa hampe ke batho ba bang

Sheba “Ho Tshwarwa Hampe

Tshabo e matla; ho tshoha

Sheba “Ho Tshoha

Ho hloriswa

Sheba “Mahloriso