Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Diqeto

Diqeto

Keng e ka re thusang hore re etse diqeto tse nepahetseng?

Ke hobaneng ha re lokela ho qoba ho etsa diqeto tsa bohlokwa re potlakile?

Ke hobaneng ha re lokela ho qoba ho latela dipelo tsa rona tse sa phethahalang ha re etsa diqeto?

Pr 28:26; Jer 17:9

Sheba le Nu 15:39; Pr 14:12; Moe 11:​9, 10

  • Mohlala wa Bibele o ka o thusang:

    • 2Kr 35:​20-24—Morena Josiase ya neng a lokile o ile a iphapanyetsa keletso e tswang ho Jehova yaba o lwantsha Faro Neko

Ke hobaneng ha re lokela ho rapela Jehova pele re etsa diqeto tsa bohlokwa?

Baf 4:​6, 7; Jak 1:​5, 6

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • Lu 6:​12-16—Jesu o ile a qeta bosiu bohle a ntse a rapela pele a ka kgetha baapostola ba hae ba 12

    • 2Ma 19:​10-20, 35—Ha Morena Ezekiase a ne a tshoswa ke dira tsa hae, o ile a rapela Jehova mme Jehova a mo pholosa

Ke mang ya ka re thusang ho etsa diqeto tse nepahetseng, hona o sebedisa eng ho re thusa ho di etsa?

Ps 119:105; Pr 3:​5, 6; 2Ti 3:​16, 17

Sheba le Ps 19:7; Pr 6:23; Esa 51:4

  • Mohlala wa Bibele o ka o thusang:

    • Dik 15:​13-18—Pele sehlopha se busang se neng se le Jerusalema se ka etsa qeto ya bohlokwa, se ile sa bala Mangolo e le hore a ka se thusa ho etsa qeto e nepahetseng

Diqeto tse amanang le:

Dintho tsohle tseo re di etsang bophelong

Mosebetsi

Sheba “Mosebetsi

Boithabiso

Sheba “Boithabiso

Lenyalo

Sheba “Lenyalo

Phekolo ya tsa bongaka

Le 19:26; De 12:​16, 23; Lu 5:31; Dik 15:​28, 29

  • Mohlala wa Bibele o ka o thusang:

    • Dik 19:​18-20—Bakreste ba neng ba dula Efese ba ile ba bontsha phatlalatsa hore ha ba sa ikamahanya le boselamose le ho sebedisana le meya

Dintho tseo re batlang ho di finyella tse tla re thusa hore re atamele haufi le Jehova

Ka moo re ka sebedisang nako ya rona ka teng

Bahlanka ba Modimo ba hodileng tsebong ba ka re thusa jwang hore re etse diqeto tse nepahetseng?

Job 12:12; Pr 11:14; Heb 5:14

  • Mohlala wa Bibele o ka o thusang:

    • 1Ma 1:​11-31, 51-53—Ka lebaka la hore Bathe-sheba o ile a mamela keletso e tswang ho moprofeta Nathane, o ile a ipholosa a ba a pholosa le mora wa hae Solomone

Ke hobaneng ha re sa lokela ho kopa batho ba bang hore ba re etsetse diqeto?

Ke hobaneng ha re lokela ho ikemisetsa ho mamela dikeletso tsohle tsa Modimo ho ena le ho kgetha ho mamela tse itseng feela?

Ps 18:​20-25; 141:5; Pr 8:33

Sheba le Lu 7:30

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • Ge 19:​12-14, 24, 25—Lota o ile a leka ho lemosa bakgwenyana ba hae ka timetso e neng e le haufi empa ba ile ba iphapanyetsa temoso eo

    • 2Ma 17:​5-17—Baiseraele ba ile ba iswa botlamuweng ka lebaka la hore ba ne ba dula ba hana ho mamela Jehova ha a ne a ba eletsa

Ke hobaneng ha re lokela ho latela matswalo a rona a kwetlisitsweng ka Bibele ha re etsa diqeto?

Ke hobaneng ha ho le bohlokwa hore re nahane ka ditlamorao tsa diqeto tseo re di etsang?

Ka moo di ka amang batho ba bang

Ka moo di ka re amang ka teng ka moso

Ka moo di ka amang kamano ya rona le Jehova

Ke hobaneng ha re lokela ho nka boikarabelo ka diqeto tseo re di etsang?