Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho Nwa Jwala

Ho Nwa Jwala

Na Bibele e re ho fosahetse ho nwa jwala?

Ps 104:​14, 15; Moe 9:7; 10:19; 1Ti 5:23

  • Mohlala wa Bibele o ka o thusang:

    • Joh 2:​1-11—Mohlolo wa pele oo Jesu a ileng a o etsa ke wa ho fetola metsi veine ya boleng bo phahameng lenyalong mme seo se ile sa etsa hore banyalani ba se ke ba tlotloloha moketeng wa bona wa lenyalo

Ho ka etsahalang haeba re nwa haholo kapa re tahwa?

Bahlanka ba Modimo ba ikutlwa jwang ka botahwa?

1Ko 5:11; 6:​9, 10; Ef 5:18; 1Ti 3:​2, 3

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • Ge 9:​20-25—Ka lebaka la hore Noe o ne a tahilwe, setloholo sa hae se ile sa etsa sebe se tebileng

    • 1Sa 25:​2, 3, 36—Nabale o ne a le bohale, a itshwere hampe a bile a tahwa haholo

    • Dan 5:​1-6, 22, 23, 30, 31—Morena Belshatsare o ile a nwa veine e ngata haholo mme a rohaka Jehova, ka hoo o ile a bolawa bosiung bona boo

Ke hobaneng ha re lokela ho ba hlokolosi ka hore na re nwa hakae le hoja re sa tahwe?

Re ka thusa Mokrestemmoho ya nang le bothata ba ho nwa haholo jwang?