Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lelapa

Lelapa

Jehova ke yena ya thehileng lelapa

Batswadi

Sheba “Batswadi

Bontate

Sheba “Bontate

Bomme

Sheba “Bomme

Banna, Basadi

Sheba “Lenyalo

Bana

Jehova o lebelletse eng ho bana?

Ke hobaneng ha bana ba lokela ho mamela batswadi ba bona?

Ef 6:​1-3; Kol 3:20

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • Ps 78:​1-8—Baiseraele ba ile ba bolella bana ba bona dintho tseo baholoholo ba bona ba di entseng ka mora hore Jehova a ba fe ditaelo. Sena se ile sa ba thusa hore ba behe tshepo ya bona ho Jehova mme e se ke ya eba marabele

    • Lu 2:​51, 52—Le hoja Jesu e ne e le ngwana ya phethahetseng, o ile a dula a mamela batswadi ba hae ba sa phethahalang

Ke hobaneng ha bana ba ka thatafallwa ke ho hlompha batswadi ba bona?

Modimo o ikutlwa jwang ka bana ba sa hlompheng batswadi ba bona?

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • De 21:​18-21—Ho ya ka Molao wa Moshe haeba ngwana a ne a sa mamele batswadi ba hae mme e eba lerabele, o ne a lokela ho bolawa

    • 2Ma 2:​23, 24—Bashanyana ba bang ba ile ba bolawa ka lebaka la ho soma moprofeta Elisha eo e neng e le moemedi wa Modimo

Batswadi ba lokela ho ikutlwa jwang ka tokelo eo ba nang le yona ya ho hodisa bana?

Ps 127:3; 128:3

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • Le 26:9—Baiseraele ba ne ba nka ho ba le bana e le tlhohonolofatso e tswang ho Jehova

    • Job 42:​12, 13—Jehova o ile a hlohonolofatsa Jobo ka bana ba bang ba leshome ka lebaka la botshepehi ba hae bo hlollang

Jehova o batla hore bana ba motho ba tshwarane jwang?

Ps 34:14; Pr 15:23; 19:11

  • Mohlala wa Bibele o ka o thusang:

    • Ge 27:41; 33:​1-11—Jakobo o ile a hlompha abuti wa hae Esau mme a sebetsa ka thata ho bopa kgotso. Esau le yena o ile a bontsha kananelo

Ke eng seo bana ba seng ba hodile ba lokelang ho se etsetsa batswadi ba bona?

Pr 23:22; 1Ti 5:4

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • Ge 11:​31, 32—Ha Abrahama a ne a tloha Ure, o ile a tsamaya le ntate wa hae Tera mme a mo hlokomela ho fihlela a hlokahala

    • Mat 15:​3-6—Jesu o ile a sebedisa Molao wa Moshe ho bontsha hore bana ba hodileng ba lokela ho hlokomela batswadi ba bona

Ba bohweng le ba bohadi

Bonkgono le bontatemoholo