Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho Tšoarela

Ho Tšoarela

Na Jehova o ikemiselitse ho tšoarela?

Ps 86:5; Dan 9:9; Mik 7:18

Sheba le 2Pe 3:9

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • Ps 78:​40, 41; 106:​36-46—Le hoja Baiseraele ba foselitse Jehova ka makhetlo a mangata, o ne a lula a ba tšoarela

    • Lu 15:​11-32—Jesu o hlalosa tšoarelo ea Jehova ka ho etsa mohlala oa ntate ea mohau ea tšoarelang ngoana oa hae ea bakileng ea ileng a etsa lintho tse mpe

Jehova o entse’ng e le hore re ka tšoareloa libe?

Joh 1:29; Ef 1:7; 1Jo 2:​1, 2

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • Heb 9:​22-28—Moapostola Pauluse o ile a hlalosa hore Jehova a ka tšoarela libe tsa rona hobane Kreste o ile a nehelana ka bophelo ba hae bakeng sa rona

    • Tše 7:​9, 10, 14, 15—Ponong, moapostola Johanne o ile a bona “bongata bo boholo” bo eme ka pel’a Molimo bo apere liaparo tse tšoeu ka lebaka la mali a Kreste

Haeba re batla hore Jehova a re tšoarele, re lokela ho etsa’ng ha ba bang ba re fosetsa?

Mat 6:​14, 15; Mar 11:25; Lu 17:​3, 4; Jak 2:13

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • Job 42:​7-10—Pele Jehova a folisa Jobo le ho mo hlohonolofatsa, o ile a mo bolella hore a rapelle banna ba bararo ba sa kang ba bua ’nete ka eena

    • Mat 18:​21-35—Jesu o ile a bua ka bohlokoa ba hore re tšoarele batho ba bang haeba re batla hore Jehova a re tšoarele

Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa hore re bolele libe tsa rona le hore re bake?

Lik 3:19; 26:20; 1Jo 1:​8-10

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

Re lokela ho etsa li phetoho life haeba re batla hore Jehova a re tšoarele?

Pr 28:13; Esa 55:7; Ef 4:28

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • 1Ma 21:​27-29; 2Kr 18:​18-22, 33, 34; 19:​1, 2—Morena Akabe o ile a bonahala a soabile ha a fumana kahlolo empa ha aa ka a bontša ho baka ka ho feletseng ke kahoo Jehova a sa kang a mo tšoarela

    • 2Kr 33:​1-16—Morena Manase o ne a le khopo haholo empa Jehova o ile a mo tšoarela ha a bontša hore o bakile. Manase o ile a bontša hore o bakile e le kannete ka ho leka ho felisa borapeli ba litšoantšo ’me a leka ho thusa Baiseraele hore ba rapele Jehova

Jehova o ikemiselitse hakae ho re tšoarela haeba re baka e le kannete?

Ps 103:​10-14; Esa 1:18; 38:17; Jer 31:34; Mik 7:19

  • Mohlala oa Bibele o ka u thusang:

    • 2Sa 12:13; 24:1; 1Ma 9:​4, 5—Le hoja Davida a ile a etsa libe tse tebileng, Jehova o ile a mo tšoarela ’me hamorao o ile a re ke monna ea tšepahalang

Jesu o ile a bontša joang hore Jehova o lula a ikemiselitse ho tšoarela?

Ps 86:5; Lu 23:​33, 34

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • Mat 26:​36, 40, 41—Balateli ba Jesu ba haufi-ufi ba ile ba robala nakong eo Jesu a ba hlokang ka ho fetisisa. Leha ho le joalo, Jesu o ile a utloisisa hore ba ne ba khathetse haholo

    • Mat 26:​69-75; Lu 24:​33, 34; Lik 2:​37-41—Petrose o ile a latola Jesu ka makhetlo a mararo empa Jesu o ile a mo tšoarela. Motho oa pele eo Jesu a ileng a ea ho eena ka mor’a hore a tsosoe ke Petrose ’me o ile a mo fa boikarabelo bo khethehileng ka phuthehong

Re tseba joang hore Jehova ha aa tšoarele batho bohle?

Mat 12:31; Heb 10:​26, 27; 1Jo 5:​16, 17

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • Mat 23:​29-33—Jesu o ile a lemosa bangoli le Bafarisi hore ba tla felisoa ka ho sa feleng Gehena

    • Joh 17:12; Mar 14:21—Jesu o ile a bitsa Judase Iskariota “ea tšoanelang ho felisoa.” O ile a re moeki eo ho ka be ho bile molemo ha a ne a sa tsoaloa

Ke eng e ka re thusang hore re tšoarele batho ba bang?