Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho Tshwarela

Ho Tshwarela

Na Jehova o ikemiseditse ho tshwarela?

Ps 86:5; Dan 9:9; Mik 7:18

Sheba le 2Pe 3:9

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • Ps 78:​40, 41; 106:​36-46—Le hoja Baiseraele ba foseditse Jehova ka makgetlo a mangata, o ne a dula a ba tshwarela

    • Lu 15:​11-32—Jesu o hlalosa tshwarelo ya Jehova ka ho etsa mohlala wa ntate ya mohau ya tshwarelang ngwana wa hae ya bakileng ya ileng a etsa dintho tse mpe

Jehova o entseng e le hore re ka tshwarelwa dibe?

Joh 1:29; Ef 1:7; 1Jo 2:​1, 2

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • Heb 9:​22-28—Moapostola Pauluse o ile a hlalosa hore Jehova a ka tshwarela dibe tsa rona hobane Kreste o ile a nehelana ka bophelo ba hae bakeng sa rona

    • Tshe 7:​9, 10, 14, 15—Ponong, moapostola Johanne o ile a bona “bongata bo boholo” bo eme ka pela Modimo bo apere diaparo tse tshweu ka lebaka la madi a Kreste

Haeba re batla hore Jehova a re tshwarele, re lokela ho etsang ha ba bang ba re fosetsa?

Mat 6:​14, 15; Mar 11:25; Lu 17:​3, 4; Jak 2:13

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • Job 42:​7-10—Pele Jehova a fodisa Jobo le ho mo hlohonolofatsa, o ile a mo bolella hore a rapelle banna ba bararo ba sa kang ba bua nnete ka yena

    • Mat 18:​21-35—Jesu o ile a bua ka bohlokwa ba hore re tshwarele batho ba bang haeba re batla hore Jehova a re tshwarele

Ke hobaneng ha ho le bohlokwa hore re bolele dibe tsa rona le hore re bake?

Dik 3:19; 26:20; 1Jo 1:​8-10

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

Re lokela ho etsa di phetoho dife haeba re batla hore Jehova a re tshwarele?

Pr 28:13; Esa 55:7; Ef 4:28

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • 1Ma 21:​27-29; 2Kr 18:​18-22, 33, 34; 19:​1, 2—Morena Akabe o ile a bonahala a swabile ha a fumana kahlolo empa ha a ka a bontsha ho baka ka ho feletseng ke ka hoo Jehova a sa kang a mo tshwarela

    • 2Kr 33:​1-16—Morena Manase o ne a le kgopo haholo empa Jehova o ile a mo tshwarela ha a bontsha hore o bakile. Manase o ile a bontsha hore o bakile e le ka nnete ka ho leka ho fedisa borapedi ba ditshwantsho mme a leka ho thusa Baiseraele hore ba rapele Jehova

Jehova o ikemiseditse hakae ho re tshwarela haeba re baka e le ka nnete?

Ps 103:​10-14; Esa 1:18; 38:17; Jer 31:34; Mik 7:19

  • Mohlala wa Bibele o ka o thusang:

    • 2Sa 12:13; 24:1; 1Ma 9:​4, 5—Le hoja Davida a ile a etsa dibe tse tebileng, Jehova o ile a mo tshwarela mme ha morao o ile a re ke monna ya tshepahalang

Jesu o ile a bontsha jwang hore Jehova o dula a ikemiseditse ho tshwarela?

Ps 86:5; Lu 23:​33, 34

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • Mat 26:​36, 40, 41—Balatedi ba Jesu ba haufiufi ba ile ba robala nakong eo Jesu a ba hlokang ka ho fetisisa. Le ha ho le jwalo, Jesu o ile a utlwisisa hore ba ne ba kgathetse haholo

    • Mat 26:​69-75; Lu 24:​33, 34; Dik 2:​37-41—Petrose o ile a latola Jesu ka makgetlo a mararo empa Jesu o ile a mo tshwarela. Motho wa pele eo Jesu a ileng a ya ho yena ka mora hore a tsoswe ke Petrose mme o ile a mo fa boikarabelo bo kgethehileng ka phuthehong

Re tseba jwang hore Jehova ha a tshwarele batho bohle?

Mat 12:31; Heb 10:​26, 27; 1Jo 5:​16, 17

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • Mat 23:​29-33—Jesu o ile a lemosa bangodi le Bafarisi hore ba tla fediswa ka ho sa feleng Gehena

    • Joh 17:12; Mar 14:21—Jesu o ile a bitsa Judase Iskariota “ya tshwanelang ho fediswa.” O ile a re moeki eo ho ka be ho bile molemo ha a ne a sa tswalwa

Ke eng e ka re thusang hore re tshwarele batho ba bang?