Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho Fana

Ho Fana

Pr 11:25; Lik 20:35; 2Ko 9:11

Sheba le Pr 19:17; Mat 10:8; Lu 6:38

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • 1Kr 22:​6-16—Le hoja Morena Davida a sa ka a fuoa monyetla oa ho haha tempele, ka pelo eohle o ile a fana ka lintho tse neng li tla sebelisoa hore e hahoe

    • 1Ma 17:​8-16—Mohlolohali oa Sarepta o ile a fa moprofeta Elia lijo tsa bona tsa ho qetela le hoja a ne a tseba hore ka mor’a moo ba tl’o shoa ke tlala

Ke’ng e bontšang hore ha ho na motho ea fanang joaloka Jehova?

Ke ho fana ha mofuta ofe ho sa thabiseng Molimo?

Mat 6:​1, 2; 2Ko 9:7; 1Pe 4:9

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • Ge 4:​3-7; 1Jo 3:​11, 12—Ke hobane’ng ha nyehelo ea Kaine e sa ka ea thabisa Molimo?

    • Lik 5:​1-11—Ananiase le Safira ba ile ba otloa hobane ba ile ba bua leshano ka mpho ea bona le hore ebe ba ile ba fana ka eona ka sepheo se fosahetseng

Ke ho fana ha mofuta ofe ho thabisang Molimo?

Mat 6:​3, 4; Bar 12:8; 2Ko 9:7; Heb 13:16

Sheba le Lik 20:35

  • Mohlala oa Bibele o ka u thusang:

    • Lu 21:​1-4—Jesu o ile a babatsa mohlolohali ea futsanehileng ka ho fana ka mpho le hoja mpho ea hae e ne e le nyenyane

Ke litlhophiso life tseo Bakreste ba pele ba neng ba li entse e le hore ba fane?

Lik 11:​29, 30; Bar 15:​25-27; 1Ko 16:​1-3; 2Ko 9:​5, 7

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • Lik 4:​34, 35—Liphutheho li ile tsa fana ’me baapostola ba ile ba abela batho ba neng ba hloka chelete

    • 2Ko 8:​1, 4, 6, 14—Liphutheho li ile tsa etsa litlhophiso tsa hore ho fanoe ka thuso ho ba neng ba haelloa

Ke boikarabelo bofe ba bohlokoa boo Bakreste ba nang le bona ho ba malapa a bona le ho Bakreste-’moho le bona?

Bibele e re ruta hore re lokela ho tšoara batho ba futsanehileng joang?

Ke’ng e bontšang hore tsela e molemo ka ho fetisisa eo re ka thusang batho ka eona ke ka ho ba ruta ka Molimo?

Mat 5:​3, 6; Joh 6:​26, 27; 1Ko 9:23

Sheba le Pr 2:​1-5; 3:13; Moe 7:12; Mat 11:​4, 5; 24:14

  • Mohlala oa Bibele o ka u thusang:

    • Lu 10:​39-42—Jesu o ile a thusa Maretha hore a utloisise hore lintho tse matlafatsang tumelo ea rona li lokela ho tla pele