Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho Sareloa ka Lebaka la ho Shoeloa

Ho Sareloa ka Lebaka la ho Shoeloa

Ke mehlala efe e tsoang ka Bibeleng e bontšang hore ha se phoso ho lla ha re shoetsoe?

Ke’ng e bontšang hore Jehova o labalabela ho tšelisa ba shoetsoeng?

Ho tseba hore na ho etsahala’ng ha motho a shoa ho ka re tšelisa joang?

Moe 9:​5, 10; 1Th 4:13

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • Lu 20:​37, 38—Jesu o ne a kholisehile hore bafu ba tla tsosoa, ke kahoo a ileng a re ho Jehova ho tšoana leha eka ba ntse ba phela

    • Joh 11:​5, 6, 11-14—Jesu o ile a bapisa lefu le boroko kamor’a hore motsoalle oa hae Lazaro a hlokahale

    • Heb 2:​14, 15—Moapostola Pauluse o ile a re khothaletsa hore re se ke ra ba makhoba a ho tšaba lefu

Ke’ng e etsang hore lebitso la motho le be bohlokoa haholo ha a hlokahala ho feta ha a hlaha?

Bibele e hlalosa lefu joang, hona Molimo o tl’o etsa’ng ka lona?

Ke’ng e ka re kholisang hore bafu ba tla tsosoa?

Esa 26:19; Joh 5:​28, 29; Lik 24:15

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • Bibele e bua ka batho ba robeli ba ileng ba tsosoa ’me ba phela hape mona lefatšeng le a le mong ea ileng a tsosetsoa ho phela leholimong. Haeba u hlokahaletsoe ke motho eo u mo ratang, litemana tse latelang li ka u tšelisa tsa ba tsa u fa tšepo

      • 1Ma 17:​17-24—Moprofeta Elia o ile a tsosa mora oa mohlolohali ea neng a lula Sarepta e Sidone

      • 2Ma 4:​32-37—Moprofeta Elisha o ile a tsosa moshanyana e mong ea neng a lula Shuneme, ka mor’a ho mo tsosa o ile a mo fa batsoali ba hae

      • 2Ma 13:​20, 21—Monna ea neng a sa tsoa hlokahala o ile a phela hape ha setopo sa hae se thetsa masapo a moprofeta Elisha

      • Lu 7:​11-15—Ha Jesu a le Naine, o ile a kopana le letšoele le neng le il’o pata mora oa mohlolohali e mong eaba oa mo tsosa

      • Lu 8:​41, 42, 49-56—Jesu o ile a tsosa morali oa monna ea bitsoang Jairuse ea neng a sebetsa ntlong ea thapelo

      • Joh 11:​38-44—Jesu o ile a tsosa motsoalle oa hae Lazaro ’me Lazaro a boela a ba le likhaitseli tsa hae e leng Maria le Maretha

      • Lik 9:​36-42—Moapostola Petrose o ile a tsosa Dorkase ea neng a tumme ka ho etsetsa batho ba bang lintho tse molemo

      • Lik 20:​7-12—Moapostola Pauluse o ile a tsosa mohlankana ea bitsoang Eutikase ea ileng a shoa a oele fensetereng ho tsoa mokatong oa boraro

    • Taba ea hore Jehova o ile a tsosa Jesu hore a e’o phela leholimong a se a sa shoe, e etsa hore re kholisehe hore litšepiso tsohle tsa hae li tla phethahala

    • Jesu ke motho oa pele oa ho tsosetsoa ho phela leholimong ’me o ne a ke ke a hlola a shoa. Batlotsuoa ba 144 000 le bona ba tsosetsoa ho ea phela leholimong ’me ba ke ke ba hlola ba shoa

Re ka tšelisa batho ba hlokahaletsoeng ke batho bao ba ba ratang joang?