Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho Sarelwa ka Lebaka la ho Shwelwa

Ho Sarelwa ka Lebaka la ho Shwelwa

Ke mehlala efe e tswang ka Bibeleng e bontshang hore ha se phoso ho lla ha re shwetswe?

Keng e bontshang hore Jehova o labalabela ho tshedisa ba shwetsweng?

Ho tseba hore na ho etsahalang ha motho a shwa ho ka re tshedisa jwang?

Moe 9:​5, 10; 1Th 4:13

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • Lu 20:​37, 38—Jesu o ne a kgodisehile hore bafu ba tla tsoswa, ke ka hoo a ileng a re ho Jehova ho tshwana le ha eka ba ntse ba phela

    • Joh 11:​5, 6, 11-14—Jesu o ile a bapisa lefu le boroko ka mora hore motswalle wa hae Lazaro a hlokahale

    • Heb 2:​14, 15—Moapostola Pauluse o ile a re kgothaletsa hore re se ke ra ba makgoba a ho tshaba lefu

Keng e etsang hore lebitso la motho le be bohlokwa haholo ha a hlokahala ho feta ha a hlaha?

Bibele e hlalosa lefu jwang, hona Modimo o tlo etsang ka lona?

Keng e ka re kgodisang hore bafu ba tla tsoswa?

Esa 26:19; Joh 5:​28, 29; Dik 24:15

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • Bibele e bua ka batho ba robedi ba ileng ba tsoswa mme ba phela hape mona lefatsheng le a le mong ya ileng a tsosetswa ho phela lehodimong. Haeba o hlokahaletswe ke motho eo o mo ratang, ditemana tse latelang di ka o tshedisa tsa ba tsa o fa tshepo

      • 1Ma 17:​17-24—Moprofeta Elia o ile a tsosa mora wa mohlolohadi ya neng a dula Sarepta e Sidone

      • 2Ma 4:​32-37—Moprofeta Elisha o ile a tsosa moshanyana e mong ya neng a dula Shuneme, ka mora ho mo tsosa o ile a mo fa batswadi ba hae

      • 2Ma 13:​20, 21—Monna ya neng a sa tswa hlokahala o ile a phela hape ha setopo sa hae se thetsa masapo a moprofeta Elisha

      • Lu 7:​11-15—Ha Jesu a le Naine, o ile a kopana le letshwele le neng le ilo pata mora wa mohlolohadi e mong yaba o a mo tsosa

      • Lu 8:​41, 42, 49-56—Jesu o ile a tsosa moradi wa monna ya bitswang Jairuse ya neng a sebetsa ntlong ya thapelo

      • Joh 11:​38-44—Jesu o ile a tsosa motswalle wa hae Lazaro mme Lazaro a boela a ba le dikgaitsedi tsa hae e leng Maria le Maretha

      • Dik 9:​36-42—Moapostola Petrose o ile a tsosa Dorkase ya neng a tumme ka ho etsetsa batho ba bang dintho tse molemo

      • Dik 20:​7-12—Moapostola Pauluse o ile a tsosa mohlankana ya bitswang Eutikase ya ileng a shwa a wele fensetereng ho tswa mokatong wa boraro

    • Taba ya hore Jehova o ile a tsosa Jesu hore a yo phela lehodimong a se a sa shwe, e etsa hore re kgodisehe hore ditshepiso tsohle tsa hae di tla phethahala

    • Jesu ke motho wa pele wa ho tsosetswa ho phela lehodimong mme o ne a ke ke a hlola a shwa. Batlotsuwa ba 144 000 le bona ba tsosetswa ho ya phela lehodimong mme ba ke ke ba hlola ba shwa

Re ka tshedisa batho ba hlokahaletsweng ke batho bao ba ba ratang jwang?