Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Pelo

Pelo

Re tseba joang hore ha Bibele e bua ka “pelo” e bua ka seo re leng sona, lintho tseo re li nahanang, merero ea rona, makhabane a rona le maikutlo a rona?

Ps 49:3; Pr 16:9; Lu 5:22; Lik 2:26

Sheba le De 15:7; Ps 19:8

  • Mohlala oa Bibele o ka u thusang

    • Lu 9:​46-48—Jesu o ile a khalemela baapostola ba hae hobane o ne a tseba hore ka lipelong tsa bona ba inka ba phahametse ba bang

Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa hore re sireletse lipelo tsa rona?

1Kr 28:9; Pr 4:23; Jer 17:9

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • Ge 6:​5-7—Jehova o ile a tlisa Moroallo lefatšeng hobane batho ba ne ba le lipelo li mpe

    • 1Ma 11:​1-10—Morena Solomone o ile a hloleha ho sireletsa pelo ea hae ’me a nyala basali ba balichaba ba ileng ba etsa hore pelo ea hae e suthele hole le Jehova

    • Mar 7:​18-23—Jesu o ile a re lintho tsohle tse mpe li tsoa pelong ’me li ka etsa hore re siteloe Jehova

Re ka sireletsa lipelo tsa rona joang?

Ps 19:14; Pr 3:​3-6; Lu 21:34; Baf 4:8

Sheba le Esd 7:​8-10; Ps 119:11

  • Mohlala oa Bibele o ka u thusang:

    • Ef 6:​14-18; 1Th 5:8—Ha moapostola Pauluse a hlalosa lihlomo tsa moea o ile a re boitšoaro bo botle, tumelo le lerato li ka sireletsa lipelo tsa rona tsa tšoantšetso feela joalokaha tšireletso ea sefuba e sireletsa pelo ea sebele

U ka tseba joang ha pelo ea hao ea tšoantšetso e e-na le bothata?

Pr 21:​2-4; Heb 3:12

Sheba le Pr 6:​12-14

  • Mehlala ea batho ka Bibeleng e ka u thusang:

    • 2Kr 25:​1, 2, 17-27—Ka nakoana, Morena Amazia o ile a etsa lintho tse thabisang Jehova le hoja a ne a sa li etse ka pelo eohle. Ha nako e ntse e-ea, o ile a qala ho ikhohomosa le ho se tšepahale ’me a fumana litla-morao tse bohloko

    • Mat 7:​17-20—Jesu o ile a re feela joalokaha sefate se bolileng se hlahisa litholoana tse se nang thuso, motho ea pelo e mpe o etsa lintho tse fosahetseng

Ke hobane’ng ha re lokela ho ba le pelo e ntle hona re ka etsa seo joang?

Pr 10:8; 15:28; Lu 6:45

Sheba le Ps 119:​97, 104; Bar 12:​9-16; 1Ti 1:5

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • 2Ma 20:​1-6—Nakong eo Morena Ezekiase a neng a kulela lefu, o ile a kopa Jehova hore a mo hauhele hobane a ile a mo tšepahalla ka pelo eohle

    • Mat 21:​28-32—Jesu o ile a etsa mohlala ho bontša hore liketso tsa motho li senola seo pelo ea hae e leng sona ho feta seo a se buang

Ke hobane’ng ha e le ho thabisang ho tseba hore Jehova o hlahloba lipelo tsa rona?

1Kr 28:9; Jer 17:10

Sheba le 1Sa 2:3

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • 1Sa 16:​1-13—Moprofeta Samuele o ile a ithuta hore Jehova ha aa shebe motho ka tsela eo a shebahalang ka eona empa o hlahloba se ka pelong ea hae

    • 2Kr 6:​28-31—Thapelo eo Morena Solomone a ileng a e etsa ha ho neheloa ntlo ea Jehova e bontša hore Molimo oa re tsotella hobane o utloisisa se ka lipelong tsa rona