Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Pelo

Pelo

Re tseba jwang hore ha Bibele e bua ka “pelo” e bua ka seo re leng sona, dintho tseo re di nahanang, merero ya rona, makgabane a rona le maikutlo a rona?

Ps 49:3; Pr 16:9; Lu 5:22; Dik 2:26

Sheba le De 15:7; Ps 19:8

  • Mohlala wa Bibele o ka o thusang:

    • Lu 9:​46-48—Jesu o ile a kgalemela baapostola ba hae hobane o ne a tseba hore ka dipelong tsa bona ba inka ba phahametse ba bang

Ke hobaneng ha ho le bohlokwa hore re sireletse dipelo tsa rona?

1Kr 28:9; Pr 4:23; Jer 17:9

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • Ge 6:​5-7—Jehova o ile a tlisa Morwallo lefatsheng hobane batho ba ne ba le dipelo di mpe

    • 1Ma 11:​1-10—Morena Solomone o ile a hloleha ho sireletsa pelo ya hae mme a nyala basadi ba baditjhaba ba ileng ba etsa hore pelo ya hae e suthele hole le Jehova

    • Mar 7:​18-23—Jesu o ile a re dintho tsohle tse mpe di tswa pelong mme di ka etsa hore re sitelwe Jehova

Re ka sireletsa dipelo tsa rona jwang?

Ps 19:14; Pr 3:​3-6; Lu 21:34; Baf 4:8

Sheba le Esd 7:​8-10; Ps 119:11

  • Mohlala wa Bibele o ka o thusang:

    • Ef 6:​14-18; 1Th 5:8—Ha moapostola Pauluse a hlalosa dihlomo tsa moya o ile a re boitshwaro bo botle, tumelo le lerato di ka sireletsa dipelo tsa rona tsa tshwantshetso feela jwalo ka ha tshireletso ya sefuba e sireletsa pelo ya sebele

O ka tseba jwang ha pelo ya hao ya tshwantshetso e ena le bothata?

Pr 21:​2-4; Heb 3:12

Sheba le Pr 6:​12-14

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • 2Kr 25:​1, 2, 17-27—Ka nakwana, Morena Amazia o ile a etsa dintho tse thabisang Jehova le hoja a ne a sa di etse ka pelo yohle. Ha nako e ntse eya, o ile a qala ho ikgohomosa le ho se tshepahale mme a fumana ditlamorao tse bohloko

    • Mat 7:​17-20—Jesu o ile a re feela jwalo ka ha sefate se bodileng se hlahisa ditholwana tse se nang thuso, motho ya pelo e mpe o etsa dintho tse fosahetseng

Ke hobaneng ha re lokela ho ba le pelo e ntle hona re ka etsa seo jwang?

Pr 10:8; 15:28; Lu 6:45

Sheba le Ps 119:​97, 104; Bar 12:​9-16; 1Ti 1:5

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • 2Ma 20:​1-6—Nakong eo Morena Ezekiase a neng a kulela lefu, o ile a kopa Jehova hore a mo hauhele hobane a ile a mo tshepahalla ka pelo yohle

    • Mat 21:​28-32—Jesu o ile a etsa mohlala ho bontsha hore diketso tsa motho di senola seo pelo ya hae e leng sona ho feta seo a se buang

Ke hobaneng ha e le ho thabisang ho tseba hore Jehova o hlahloba dipelo tsa rona?

1Kr 28:9; Jer 17:10

Sheba le 1Sa 2:3

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • 1Sa 16:​1-13—Moprofeta Samuele o ile a ithuta hore Jehova ha a shebe motho ka tsela eo a shebahalang ka yona empa o hlahloba se ka pelong ya hae

    • 2Kr 6:​28-31—Thapelo eo Morena Solomone a ileng a e etsa ha ho nehelwa ntlo ya Jehova e bontsha hore Modimo o a re tsotella hobane o utlwisisa se ka dipelong tsa rona