Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Litlotla

Litlotla

Na re lokela ho bitsa ba etellang pele ka litlotla tse ba rorisang tsa bolumeli?

Joh 5:41

  • Mohlala oa Bibele o ka u thusang:

    • Lu 18:​18, 19—Rea tseba hore Jesu o molemo empa o ile a hana ho bitsoa “Mosuoe ea molemo,” a re tlotla eo e tšoanetse Jehova feela

Ke hobane’ng ha Bakreste ba sa bitse ba etellang pele ka litlotla tse ba rorisang tse kang “Ntate” kapa “Moeta-pele”?

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • Mat 23:​9-12—Jesu o ile a re batho ba se ke ba bitsoa ka litlotla tse ba rorisang joaloka “Ntate” kapa “Moeta-pele”

    • 1Ko 4:​14-17—Le hoja moapostola Pauluse e ne eka ntate ho Bakreste ba bangata, ka Bibeleng ha ho na moo re balang ka eena a bitsoa Ntate Pauluse

Ke hobane’ng ha re bitsa Bakreste-’moho le rona bara le barali ba bo rona, le ho sebelisana le bona joaloka bana ba bo rona?

Mat 23:8

Sheba le Lik 12:17; 18:18; Bar 16:1

  • Mohlala oa Bibele o ka u thusang:

    • Mat 12:​46-50—Jesu o ile a re batho ba etsang thato ea Jehova ke bona bana babo

Ke hobane’ng ha Bakreste ba lokela ho bitsa batho ba nang le matla a bolaoli kapa baahloli ka litlotla tse ba lokelang?

Bar 13:​1, 7; 1Pe 2:17

  • Mohlala oa Bibele o ka u thusang:

    • Lik 26:​1, 2, 25—Ha moapostola Pauluse a ne a bua le Agripa le Festase o ile a ba bitsa ka litlotla tsa bona