Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ditlotla

Ditlotla

Na re lokela ho bitsa ba etellang pele ka ditlotla tse ba rorisang tsa bodumedi?

Joh 5:41

  • Mohlala wa Bibele o ka o thusang:

    • Lu 18:​18, 19—Re a tseba hore Jesu o molemo empa o ile a hana ho bitswa “Mosuwe ya molemo,” a re tlotla eo e tshwanetse Jehova feela

Ke hobaneng ha Bakreste ba sa bitse ba etellang pele ka ditlotla tse ba rorisang tse kang “Ntate” kapa “Moetapele”?

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • Mat 23:​9-12—Jesu o ile a re batho ba se ke ba bitswa ka ditlotla tse ba rorisang jwalo ka “Ntate” kapa “Moetapele”

    • 1Ko 4:​14-17—Le hoja moapostola Pauluse e ne eka ntate ho Bakreste ba bangata, ka Bibeleng ha ho na moo re balang ka yena a bitswa Ntate Pauluse

Ke hobaneng ha re bitsa Bakrestemmoho le rona bara le baradi ba bo rona, le ho sebedisana le bona jwalo ka bana ba bo rona?

Mat 23:8

Sheba le Dik 12:17; 18:18; Bar 16:1

  • Mohlala wa Bibele o ka o thusang:

    • Mat 12:​46-50—Jesu o ile a re batho ba etsang thato ya Jehova ke bona bana babo

Ke hobaneng ha Bakreste ba lokela ho bitsa batho ba nang le matla a bolaodi kapa baahlodi ka ditlotla tse ba lokelang?

Bar 13:​1, 7; 1Pe 2:17

  • Mohlala wa Bibele o ka o thusang:

    • Dik 26:​1, 2, 25—Ha moapostola Pauluse a ne a bua le Agripa le Festase o ile a ba bitsa ka ditlotla tsa bona