Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Boikokobetso

Boikokobetso

Jehova o ikutloa joang ka batho ba ikhohomosang le ba ikokobelitseng?

Ps 138:6; Pr 15:25; 16:​18, 19; 22:4; 1Pe 5:5

Sheba le Pr 29:23; Esa 2:​11, 12

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • 2Kr 26:​3-5, 16-21—Morena Uzia o ile a ikhohomosa eaba o tlola molao oa Molimo. O ile a halefela baprista ha ba mo joetsa hore seo a se etsang se khahlanong le Molao oa Molimo. Ka lebaka leo, Jehova o ile a mo otla ka lepera

    • Lu 18:​9-14—Jesu o ile a etsa papiso ho bontša hore na Jehova o ikutloa joang ka lithapelo tsa batho ba ikhohomosang le ba ikokobelitseng

Jehova o etsa’ng haeba re baka e le kannete ebile re ikokobetsa?

2Kr 7:​13, 14; Ps 51:​2-4, 17

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • 2Kr 12:​5-7—Morena Roboame le likhosana tsa Juda ba ile ba ikokobetsa ha ba ne ba eletsoa. Kahoo, Jehova ha aa ka a ba felisa

    • 2Kr 32:​24-26—Morena Ezekiase o ile a ikhohomosa empa ha a ikokobetsa Jehova o ile a mo tšoarela

Ho ikokobetsa ho ka matlafatsa setsoalle sa rona le batho ba bang joang?

Ef 4:​1, 2; Baf 2:3; Kol 3:​12, 13

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • Ge 33:​3, 4—Esau o ne a koatetse Jakobo haholo empa nakong eo ba neng ba kopana, Jakobo o ile a ikokobetsa. Ka lebaka la boikokobetso boo, ho ile ha e-ba le khotso hape pakeng tsa bona

    • Bhl 8:​1-3—Moahloli Gideone o ile a bolella Baefraime hore ba ne ba entse mosebetsi o moholo ho feta oo eena a neng a o entse. Ka lebaka leo, Baefraime ha baa ka ba mo halefela kapa hona ho mo loantša

Jesu Kreste o re thusitse joang ho bona hore ke habohlokoa hore re ikokobetse?

Mat 18:​1-5; 23:​11, 12; Mar 10:​41-45

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • Esa 53:7; Baf 2:​7, 8—Joalokaha ho profetiloe, Jesu o ile a ikokobetsa ’me a tla lefatšeng e le hore a ka tl’o shoa lefu le bohloko le le tlotlollang

    • Lu 14:​7-11—Jesu o ile a etsa papiso ea batho ba ileng ba khetha ho lula litulong tse fapaneng ha ba ne ba tlile lechatong hore bontša bohlokoa ba hore re be batho ba ikokobelitseng

    • Joh 13:​3-17—Jesu o rutile barutuoa ba hae ho ikokobetsa ha a ne a hlatsoa maoto a baapostola ba hae. Mosebetsi oa ho hlatsoa maoto o ne o etsoa ke makhoba

Ho ithuta ho icheba le ho sheba batho ba bang ka tsela eo Jehova a re shebang ka eona ho ka re thusa joang hore re be batho ba ikokobelitseng?

Ke hobane’ng ha ho etsa eka re batho ba ikokobelitseng ho se na thuso?