Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Boikokobetso

Boikokobetso

Jehova o ikutlwa jwang ka batho ba ikgohomosang le ba ikokobeditseng?

Ps 138:6; Pr 15:25; 16:​18, 19; 22:4; 1Pe 5:5

Sheba le Pr 29:23; Esa 2:​11, 12

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • 2Kr 26:​3-5, 16-21—Morena Uzia o ile a ikgohomosa yaba o tlola molao wa Modimo. O ile a halefela baprista ha ba mo jwetsa hore seo a se etsang se kgahlanong le Molao wa Modimo. Ka lebaka leo, Jehova o ile a mo otla ka lepera

    • Lu 18:​9-14—Jesu o ile a etsa papiso ho bontsha hore na Jehova o ikutlwa jwang ka dithapelo tsa batho ba ikgohomosang le ba ikokobeditseng

Jehova o etsang haeba re baka e le ka nnete ebile re ikokobetsa?

2Kr 7:​13, 14; Ps 51:​2-4, 17

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • 2Kr 12:​5-7—Morena Roboame le dikgosana tsa Juda ba ile ba ikokobetsa ha ba ne ba eletswa. Ka hoo, Jehova ha a ka a ba fedisa

    • 2Kr 32:​24-26—Morena Ezekiase o ile a ikgohomosa empa ha a ikokobetsa Jehova o ile a mo tshwarela

Ho ikokobetsa ho ka matlafatsa setswalle sa rona le batho ba bang jwang?

Ef 4:​1, 2; Baf 2:3; Kol 3:​12, 13

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • Ge 33:​3, 4—Esau o ne a kwatetse Jakobo haholo empa nakong eo ba neng ba kopana, Jakobo o ile a ikokobetsa. Ka lebaka la boikokobetso boo, ho ile ha eba le kgotso hape pakeng tsa bona

    • Bhl 8:​1-3—Moahlodi Gideone o ile a bolella Baefraime hore ba ne ba entse mosebetsi o moholo ho feta oo yena a neng a o entse. Ka lebaka leo, Baefraime ha ba a ka ba mo halefela kapa hona ho mo lwantsha

Jesu Kreste o re thusitse jwang ho bona hore ke ha bohlokwa hore re ikokobetse?

Mat 18:​1-5; 23:​11, 12; Mar 10:​41-45

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • Esa 53:7; Baf 2:​7, 8—Jwalo ka ha ho profetilwe, Jesu o ile a ikokobetsa mme a tla lefatsheng e le hore a ka tlo shwa lefu le bohloko le le tlotlollang

    • Lu 14:​7-11—Jesu o ile a etsa papiso ya batho ba ileng ba kgetha ho dula ditulong tse fapaneng ha ba ne ba tlile letjhatong hore bontsha bohlokwa ba hore re be batho ba ikokobeditseng

    • Joh 13:​3-17—Jesu o rutile barutuwa ba hae ho ikokobetsa ha a ne a hlatswa maoto a baapostola ba hae. Mosebetsi wa ho hlatswa maoto o ne o etswa ke makgoba

Ho ithuta ho itjheba le ho sheba batho ba bang ka tsela eo Jehova a re shebang ka yona ho ka re thusa jwang hore re be batho ba ikokobeditseng?

Ke hobaneng ha ho etsa eka re batho ba ikokobeditseng ho se na thuso?