Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho Tšepahalla Jehova

Ho Tšepahalla Jehova

Ho tšepahalla Jehova ho bolela’ng?

Ps 18:​23-25; 26:​1, 2; 101:​2-7; 119:​1-3, 80

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • Le 22:​17-22—Jehova o ne a lebeletse hore ha Baiseraele ba mo etsetsa mahlabelo, ba mo etsetse ka liphoofolo tse “phetseng hantle.” Poleloana “phetseng hantle” e ka boela ea bolela “botšepehi” ka Seheberu. Sena se bolela hore ho tšepahalla Jehova ho akareletsa ho mo sebeletsa le ho inehela ho eena ka ho feletseng

    • Job 1:​1, 4, 5, 8; 2:3—Mohlaleng oa Jobo, rea ithuta hore e le hore motho a tšepahalle Jehova o lokela ho mo hlompha haholo, a rapele eena feela a be a qobe ho etsa lintho tseo Jehova a sa li rateng

Ke hobane’ng ha re lokela ho tšepahalla Jehova?

Ke’ng e ka re thusang hore re lule re tšepahalla Jehova?

Re ka etsa’ng hore re lule re tšepahalla Jehova?

Jos 24:​14, 15; Ps 101:​2-4

Sheba le De 5:29; Esa 48:​17, 18

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • Job 31:​1-11, 16-33—Jobo o bontšitse hore o tšepahalla Jehova ka ho tšoara batho ba bang ka mosa, ka tlhompho le ka ho qoba ka ho feletseng boitšoaro bo bobe. O ne a rapela Jehova feela eseng litšoantšo ’me o ne a nka setsoalle sa hae le Molimo e le sa bohlokoa ho feta lintho tseo a neng a e-na le tsona

    • Dan 1:​6-21—Daniele le metsoalle ea hae e meraro ba ne ba mamela melao ea Jehova ho akarelletsa le molao o neng o thibela lijo tse itseng le hoja ba ne ba phela har’a batho ba neng ba sa sebeletse Jehova

Haeba motho a ka etsa liphoso tse ngata na o ntse a ka tšepahalla Jehova?

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • 1Ma 9:​2-5; Ps 78:​70-72—Ka lebaka la hore Morena Davida o ile a bakela liphoso tseo a neng a li entse, Jehova o ile a mo tšoarela ’me a nka Davida e le motho ea ileng a mo tšepahalla

    • Esa 1:​11-18—Le hoja Jehova a ile a re batho ba hae ba etsa lintho tse mpe ebile ba na le libe tse ngata, o ile a tšepisa hore o tla ba hloekisa ka ho feletseng haeba ba baka ’me ba tlohela ho etsa lintho tse fosahetseng