Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Mohau

Mohau

Motho ea mohau o na le makhabane afe a mang?

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • Ps 51:​1, 2—Ha Morena Davida a ne a kopa Jehova hore a mo hauhele, ha e le hantle o ne a kopa hore a mo tšoarele le hore a hlakole libe tsa hae

    • Lu 10:​29-37—Jesu o ile a re thusa ho utloisisa hore na re ka hauhela batho ba bang joang ha a ne a etsa mohlala ka Mosamaria ea ileng a ba mosa ho Mojuda ’me a mo thusa

Ke hobane’ng ha batho bohle ba hloka ho hauheloa?

Re tseba joang hore Jehova o mohau?

Ex 34:6; Ne 9:17; Ps 103:8; 2Ko 1:3

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • Job 42:​1, 2, 6-10; Jak 5:11—Jehova o ile a hauhela Jobo ’me a mo ruta hore le eena a hauhele batho ba bang

    • Lu 15:​11-32—Jesu o ile a bontša hore Jehova o mohau ha a ne a etsa mohlala oa ntate ea ileng a tšoarela mora oa hae oa lerabele ka mor’a hore a fetohe

Ke hobane’ng ha Jehova a re hauhela?

Sehlabelo sa Jesu se re thusa joang hore re tšoareloe libe?

Ke hobane’ng ha re lokela ho kopa Jehova hore a re hauhele le ho mo leboha ka mohau oa hae?

Lu 11:​2-4; Heb 4:16

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • Ps 51:​1-4—Morena Davida o ile a soabela phoso ea hae ’me a kopa Jehova hore a mo hauhele

    • Lu 18:​9-14—Jesu o ile a etsa mohlala ho bontša hore Jehova o hauhela batho ba ikokobelitseng le ba hlokomelang hore ba entse liphoso

Na Molimo a ka hauhela le batho ba entseng libe tse tebileng?

De 4:​29-31; Esa 55:7

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • 2Kr 33:​9-13, 15—Le hoja Manase a ile a etsa lintho tse ngata tse mpe, o ile a soabela liphoso tsa hae ’me a kopa tšoarelo. Jehova o ile a mo hauhela a ba a mo etsa morena hape. Manase o ile a bontša ka liketso hore o fetohile

    • Jon 3:​4-10—Baninive ba ne ba rata ntoa ebile ba bolaea batho empa Jehova o ile a ba hauhela hobane ba ile ba fetoha

Ke hobane’ng ha re lokela ho bolela libe tsa rona le ho fetoha e le hore Jehova a re hauhele?

Le hoja Jehova a ka re hauhela, taba eo ha e bolele hore re ke ke ra fumana litla-morao tsa liphoso tsa rona

Ke hobane’ng ha re lokela ho hauhela batho ba bang?

Haeba re sa hauhele batho ba bang, seo se ka ama setsoalle sa rona le Jehova joang?

Mat 9:13; 23:23; Jak 2:13

Sheba le Pr 21:13

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • Mat 18:​23-35—Jesu o ile a etsa papiso e neng e bontša hore haeba re sa hauhele batho ba bang, Jehova le eena a ke ke a re hauhela

    • Lu 10:​29-37—Jesu o ile a etsa papiso e neng e bontša hore eena le Jehova ha ba khahloe ke batho ba sa hauheleng ba bang empa ba khahloa ke batho ba mohau joaloka Mosamaria ea molemo

Jehova o tšoara batho ba hauhelang ba bang joang?