Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Mohau

Mohau

Motho ya mohau o na le makgabane afe a mang?

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • Ps 51:​1, 2—Ha Morena Davida a ne a kopa Jehova hore a mo hauhele, ha e le hantle o ne a kopa hore a mo tshwarele le hore a hlakole dibe tsa hae

    • Lu 10:​29-37—Jesu o ile a re thusa ho utlwisisa hore na re ka hauhela batho ba bang jwang ha a ne a etsa mohlala ka Mosamaria ya ileng a ba mosa ho Mojuda mme a mo thusa

Ke hobaneng ha batho bohle ba hloka ho hauhelwa?

Re tseba jwang hore Jehova o mohau?

Ex 34:6; Ne 9:17; Ps 103:8; 2Ko 1:3

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • Job 42:​1, 2, 6-10; Jak 5:11—Jehova o ile a hauhela Jobo mme a mo ruta hore le yena a hauhele batho ba bang

    • Lu 15:​11-32—Jesu o ile a bontsha hore Jehova o mohau ha a ne a etsa mohlala wa ntate ya ileng a tshwarela mora wa hae wa lerabele ka mora hore a fetohe

Ke hobaneng ha Jehova a re hauhela?

Sehlabelo sa Jesu se re thusa jwang hore re tshwarelwe dibe?

Ke hobaneng ha re lokela ho kopa Jehova hore a re hauhele le ho mo leboha ka mohau wa hae?

Lu 11:​2-4; Heb 4:16

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • Ps 51:​1-4—Morena Davida o ile a swabela phoso ya hae mme a kopa Jehova hore a mo hauhele

    • Lu 18:​9-14—Jesu o ile a etsa mohlala ho bontsha hore Jehova o hauhela batho ba ikokobeditseng le ba hlokomelang hore ba entse diphoso

Na Modimo a ka hauhela le batho ba entseng dibe tse tebileng?

De 4:​29-31; Esa 55:7

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • 2Kr 33:​9-13, 15—Le hoja Manase a ile a etsa dintho tse ngata tse mpe, o ile a swabela diphoso tsa hae mme a kopa tshwarelo. Jehova o ile a mo hauhela a ba a mo etsa morena hape. Manase o ile a bontsha ka diketso hore o fetohile

    • Jon 3:​4-10—Baninive ba ne ba rata ntwa ebile ba bolaya batho empa Jehova o ile a ba hauhela hobane ba ile ba fetoha

Ke hobaneng ha re lokela ho bolela dibe tsa rona le ho fetoha e le hore Jehova a re hauhele?

Le hoja Jehova a ka re hauhela, taba eo ha e bolele hore re ke ke ra fumana ditlamorao tsa diphoso tsa rona

Ke hobaneng ha re lokela ho hauhela batho ba bang?

Haeba re sa hauhele batho ba bang, seo se ka ama setswalle sa rona le Jehova jwang?

Mat 9:13; 23:23; Jak 2:13

Sheba le Pr 21:13

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • Mat 18:​23-35—Jesu o ile a etsa papiso e neng e bontsha hore haeba re sa hauhele batho ba bang, Jehova le yena a ke ke a re hauhela

    • Lu 10:​29-37—Jesu o ile a etsa papiso e neng e bontsha hore yena le Jehova ha ba kgahlwe ke batho ba sa hauheleng ba bang empa ba kgahlwa ke batho ba mohau jwalo ka Mosamaria ya molemo

Jehova o tshwara batho ba hauhelang ba bang jwang?