Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Tjhelete

Tjhelete

Ke hobaneng ha ho rata tjhelete ho le kotsi?

Sheba “Maruo

Bibele e bontsha jwang hore ha se phoso hore motho a sebetse e le hore a be le tjhelete ya ho hlokomela lelapa la hae?

Moe 7:12; 10:19; Ef 4:28; 2Th 3:10; 1Ti 5:​8, 18

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • Ge 31:​38-42—Jakobo o ile a sebeletsa ntate wa basadi ba hae Labane ka botshepehi le hoja a ne a mo tshwere hampe. Jehova o ile a hlohonolofatsa Jakobo hobane o ne a sebetsa ka thata ho hlokomela lelapa la hae

    • Lu 19:​12, 13, 15-23—Papiso ena ya Jesu e bontsha hore mehleng ya hae ho ne ho tlwaelehile hore batho ba etse kgwebo ka tjhelete eo ba nang le yona e le hore ba be le e ngata

Ke keletso efe ya Bibele e ka re thusang haeba re batla ho adingwa tjhelete kapa ho e adima ba bang?

Ke hobaneng ha re lokela ho qoba ho etsa dikoloto tse ngata?

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • Ne 5:​2-8—Baiseraele ba bang mehleng ya Nehemia ba ne ba tshwara batho ba ba kolotang hampe

    • Mat 18:​23-25—Papiso ya Jesu e re hopotsa hore motho ya sa pataleng sekoloto sa hae o lokela ho fuwa kotlo

Re lokela ho etsang pele re kena kgwebong le Mokrestemmoho, motho eo e seng Paki kapa e mong wa lelapa?

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • Ge 23:​14-20—Ha Abrahama a ne a reka tshimo le lehaha leo a neng a tlo patela Sara ho lona, o ile a di reka ka pela dipaki e le hore ho se ke ha eba le diqabang ha morao

    • Jer 32:​9-12—Ha moprofeta Jeremia a ne a reka tshimo ho motswala wa hae, o ile a ngola lengolo la tumellano mme a etsa kopi ya lona. Dintho tsena o ile a di etsa ka pela dipaki

Ke hobaneng ha o lokela ho nahana esale pele hore na o tla sebedisa tjhelete jwang?

Ke hobaneng ha Bakreste ba sa lokela ho dumella tjhelete hore e ba qabanye kapa e bake dikarohano ka phuthehong?

Re ka sebedisa tjhelete ya rona ha molemo jwang?