Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho Mamela

Ho Mamela

Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa ho mamela?

Ex 19:5; De 10:​12, 13; Moe 12:13; Jak 1:22

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • 1Sa 15:​17-23—Moprofeta Samuele o ile a khalemela Morena Saule ka lebaka la ho se mamele Jehova. Ka mor’a moo, Samuele o ile a hlalosa bohlokoa ba ho mamela

    • Heb 5:​7-10—Le hoja Jesu a ne a lula a mamela Ntate oa hae, ha a le lefatšeng o ile a ithuta ho mo mamela le nakong eo a tšoaroang hampe

Mokreste o lokela ho etsa’ng haeba batho ba etellang pele pusong ba re a se ke a mamela Molimo?

Lik 5:29

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • Dan 3:​13-18—Baheberu ba bararo ba ile ba hana ho inamela setšoantšo se neng se hlonngoe ke Morena Nebukadnezare le hoja ba ne ba tseba hore ba ka ’na ba bolaoa

    • Mat 22:​15-22—Jesu o ile a re balateli ba hae ba lokela ho mamela ba etellang pele pusong ntle le haeba ba re ba se ke ba mamela Jehova Molimo

    • Lik 4:​18-31—Baapostola ba ile ba tsoela pele ba bolela litaba tse monate le hoja babusi ba ne ba itse ba khaotse

Re lokela ho etsa’ng e le hore re lule re mamela melao ea Jehova?

De 6:​1-5; Ps 112:1; 1Jo 5:​2, 3

Sheba le Ps 119:​11, 112; Bar 6:17

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • Esd 7:​7-10—Moprista Esdrase o ne a ikemiselitse ho beha mohlala tabeng ea ho mamela Molao oa Molimo le ho o ruta ba bang

    • Joh 14:31—Jesu o ile a hlalosa hore na ke hobane’ng ha a mamela Ntate oa hae

Ke’ng e lokelang ho re susumeletsa ho mamela Jehova le Jesu?

Ke hobane’ng ha ho mamela ho bontša hore na re na le tumelo e matla hakae?

Bar 1:5; 10:​16, 17; Jak 2:​20-23

Sheba le De 9:23

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • Ge 6:​9-22; Heb 11:7—Noe o ile a bontša tumelo ka hore a hahe areka ho ea kamoo Jehova a neng a mo laetse. O ile “a fela a etsa joalo”

    • Heb 11:​8, 9, 17—Abrahama o ile a bontša hore o na le tumelo ka hore a mamele Jehova ha a re a tlohe motseng oa Ure le hore a etse sehlabelo ka mora oa hae

Jehova o tla re hlohonolofatsa joang ha re mo mamela?

Jer 7:23; Mat 7:21; 1Jo 3:22

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

Litla-morao tsa ho se mamele ke life?

Bar 5:19; 2Th 1:​8, 9

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • Ge 2:​16, 17; 3:​17-19—Adama le Eva ba ile ba hloleha ho phela ka ho sa feleng Paradeiseng ba se na sebe hobane ha baa ka ba mamela Jehova Molimo

    • De 18:​18, 19; Lik 3:​12, 18, 22, 23—Jehova o ile a bolela hore o tla tlisa Moprofeta e moholo ho Moshe, a ba a re ba sa mameleng Moprofeta eo ba tla fuoa kotlo

    • Ju 6, 7—Mangeloi a ileng a fetohela Molimo le baahi ba Sodoma le Gomora ba ile ba halefisa Jehova ka lebaka la ho se mamele

Ke hobane’ng ha re lokela ho mamela Jesu Kreste?

Ge 49:10; Mat 28:18

  • Mohlala oa Bibele o ka u thusang:

Ke hobane’ng ha Bakreste ba lokela ho mamela ba etellang pele ka phuthehong?

Ke hobane’ng ha mosali oa Mokreste a lokela ho ikokobeletsa monna oa hae?

Ke hobane’ng ha bana ba lokela ho mamela batsoali ba bona?

Pr 23:22; Ef 6:1; Kol 3:20

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • Ge 37:​3, 4, 8, 11-13, 18—Ha Josefa e sa le mocha o ile a mamela ntate oa hae ’me a tsamaea a e’o sheba bana babo le hoja ba ne ba mo hloile

    • Lu 2:51—Jesu o ile a mamela batsoali ba hae e leng Josefa le Maria le hoja eena a ne a se na sebe

Ke hobane’ng ha re lokela ho mamela bahiri ba rona le ha ho se na motho ea re shebileng?

Ke hobane’ng ha Bakreste ba mamela mebuso?