Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Balebeli; Baholo

Balebeli; Baholo

Mokreste o lokela hore bonyane a be le makhabane afe pele a ka khethoa hore e be moholo ka phuthehong?

Baholo ba lokela ho etsa’ng e le hore ba behe mohlala ka phuthehong?

Mokreste o lokela hore bonyane a be le makhabane afe pele a ka khethoa hore e be mohlanka ea sebeletsang?

Na bara ba bo rona ba khethoa hore e be baholo ka thuso ea moea o halalelang?

Lik 20:28

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • Lik 13:​2-5; 14:23—Ha Pauluse le Barnabase ba ntse ba etsa mosebetsi oa potoloho, e ne e le bona ba neng ba khetha baholo liphuthehong. Balebeli ba potoloho ba etsa se tšoanang le kajeno. Ha ba khetha baholo, ba kopa tataiso ea moea o halalelang ebe ka mor’a moo ba hlahloba seo Bibele e se buang mabapi le litšoaneleho tsa balebeli

    • Tit 1:​1, 5—Tite o ne a fuoe mosebetsi oa ho etela liphutheho le ho khetha baholo

Phutheho ke ea mang, hona o e rekile ka eng?

Ke hobane’ng ha Bibele e re baholo ke basebeletsi kapa bahlanka ba hlokomelang batho ba bang?

Ke hobane’ng ha baholo ba lokela ho lula ba ikokobelitse?

Baf 1:1; 2:​5-8; 1Th 2:​6-8; 1Pe 5:​1-3, 5, 6

  • Mohlala oa Bibele o ka u thusang:

    • Lik 20:​17, 31-38—Ha moapostola Pauluse a hopotsa baholo ba Efese lintho tseo a ileng a ba etsetsa tsona, ba ile ba bontša hore baa li ananela

Molebeli oa Mokreste o etsa’ng ha a fumana litaelo tse tsoang ho “mohlanka ea tšepahalang le ea bohlale”?

Ke tsela efe e molemo eo baholo ba ka rutang ba bang ka eona?

1Ti 4:12; 1Pe 5:​2, 3

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • Ne 5:​14-16—Nehemia eo e neng e le letona ha aa ka a sebelisa matla a hae a bolaoli hampe hobane o ne a hlompha Jehova. O ne a bile a sa batle le lintho tse neng li fuoa matona mehleng eo

    • Joh 13:​12-15—Jesu o ile a behela balateli ba hae mohlala oa boikokobetso

Baholo ba ka bontša joang hore ba tsotella motho e mong le e mong ka phuthehong?

Baholo ba ka thusa batho ba ntseng ba leka ho lokisa setsoalle sa bona le Jehova joang?

Baholo ba na le boikarabelo bofe ha ba ruta phutheho?

Ke hobane’ng ha baholo ba lokela ho etsa bonnete ba hore batho bohle ka phuthehong ba itšoere hantle?

Baholo ba koetlisa bo mang?

2Ti 2:​1, 2

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • Mat 10:​5-20—Jesu o ile a koetlisa baapostola ba hae ba 12 pele a ba fa mosebetsi oa ho bolela litaba tse monate

    • Lu 10:​1-11—Jesu o ile a fa balateli ba hae ba 70 litaelo pele a ba roma hore ba e’o bolela litaba tse monate

Ke’ng e tla thusa baholo hore ba atlehe ho etsa mosebetsi oa bona?

1Pe 5:​1, 7

Sheba le Pr 3:​5, 6

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • 1Ma 3:​9-12—Morena Solomone o ile a kopa Jehova hore a mo fe bohlale le kutloisiso ea hore a ahlole sechaba sa hae hantle

    • 2Kr 19:​4-7—Morena Josafate o ile a beha baahloli metseng ea Juda ’me a ba bolella hore Jehova o tla ba le bona

Phutheho e lokela ho sebelisana le baholo joang?

1Th 5:​12, 13; 1Ti 5:17; Heb 13:​7, 17

Sheba le Ef 4:​8, 11, 12

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • Lik 20:37—Baholo ba Efese ha baa ka ba soabela ho bontša moapostola Pauluse hore baa mo rata

    • Lik 28:​14-16—Ha Pauluse a ne a ea Roma, bara ba bo rona ba lulang motseng oo, ba ile ba tsamaea leeto la lik’hilomithara tse ka bang 65 ho ea mo khahlanyetsa ’Marakeng oa Apiase ’me ntho eo e ile ea mo khothatsa haholo