Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Balebedi; Baholo

Balebedi; Baholo

Mokreste o lokela hore bonyane a be le makgabane afe pele a ka kgethwa hore e be moholo ka phuthehong?

Baholo ba lokela ho etsang e le hore ba behe mohlala ka phuthehong?

Mokreste o lokela hore bonyane a be le makgabane afe pele a ka kgethwa hore e be mohlanka ya sebeletsang?

Na bara ba bo rona ba kgethwa hore e be baholo ka thuso ya moya o halalelang?

Dik 20:28

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • Dik 13:​2-5; 14:23—Ha Pauluse le Barnabase ba ntse ba etsa mosebetsi wa potoloho, e ne e le bona ba neng ba kgetha baholo diphuthehong. Balebedi ba potoloho ba etsa se tshwanang le kajeno. Ha ba kgetha baholo, ba kopa tataiso ya moya o halalelang ebe ka mora moo ba hlahloba seo Bibele e se buang mabapi le ditshwaneleho tsa balebedi

    • Tit 1:​1, 5—Tite o ne a fuwe mosebetsi wa ho etela diphutheho le ho kgetha baholo

Phutheho ke ya mang, hona o e rekile ka eng?

Ke hobaneng ha Bibele e re baholo ke basebeletsi kapa bahlanka ba hlokomelang batho ba bang?

Ke hobaneng ha baholo ba lokela ho dula ba ikokobeditse?

Baf 1:1; 2:​5-8; 1Th 2:​6-8; 1Pe 5:​1-3, 5, 6

  • Mohlala wa Bibele o ka o thusang:

    • Dik 20:​17, 31-38—Ha moapostola Pauluse a hopotsa baholo ba Efese dintho tseo a ileng a ba etsetsa tsona, ba ile ba bontsha hore ba a di ananela

Molebedi wa Mokreste o etsang ha a fumana ditaelo tse tswang ho “mohlanka ya tshepahalang le ya bohlale”?

Ke tsela efe e molemo eo baholo ba ka rutang ba bang ka yona?

1Ti 4:12; 1Pe 5:​2, 3

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • Ne 5:​14-16—Nehemia eo e neng e le letona ha a ka a sebedisa matla a hae a bolaodi hampe hobane o ne a hlompha Jehova. O ne a bile a sa batle le dintho tse neng di fuwa matona mehleng eo

    • Joh 13:​12-15—Jesu o ile a behela balatedi ba hae mohlala wa boikokobetso

Baholo ba ka bontsha jwang hore ba tsotella motho e mong le e mong ka phuthehong?

Baholo ba ka thusa batho ba ntseng ba leka ho lokisa setswalle sa bona le Jehova jwang?

Baholo ba na le boikarabelo bofe ha ba ruta phutheho?

Ke hobaneng ha baholo ba lokela ho etsa bonnete ba hore batho bohle ka phuthehong ba itshwere hantle?

Baholo ba kwetlisa bo mang?

2Ti 2:​1, 2

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • Mat 10:​5-20—Jesu o ile a kwetlisa baapostola ba hae ba 12 pele a ba fa mosebetsi wa ho bolela ditaba tse monate

    • Lu 10:​1-11—Jesu o ile a fa balatedi ba hae ba 70 ditaelo pele a ba roma hore ba yo bolela ditaba tse monate

Keng e tla thusa baholo hore ba atlehe ho etsa mosebetsi wa bona?

1Pe 5:​1, 7

Sheba le Pr 3:​5, 6

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • 1Ma 3:​9-12—Morena Solomone o ile a kopa Jehova hore a mo fe bohlale le kutlwisiso ya hore a ahlole setjhaba sa hae hantle

    • 2Kr 19:​4-7—Morena Josafate o ile a beha baahlodi metseng ya Juda mme a ba bolella hore Jehova o tla ba le bona

Phutheho e lokela ho sebedisana le baholo jwang?

1Th 5:​12, 13; 1Ti 5:17; Heb 13:​7, 17

Sheba le Ef 4:​8, 11, 12

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • Dik 20:37—Baholo ba Efese ha ba a ka ba swabela ho bontsha moapostola Pauluse hore ba a mo rata

    • Dik 28:​14-16—Ha Pauluse a ne a ya Roma, bara ba bo rona ba dulang motseng oo, ba ile ba tsamaya leeto la dikhilomithara tse ka bang 65 ho ya mo kgahlanyetsa Mmarakeng wa Apiase mme ntho eo e ile ya mo kgothatsa haholo