Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Batsoali

Batsoali

Mabaka a ileng a etsa hore Jehova a thehe lenyalo ke afe?

Batsoali ba lokela ho ikutloa joang ka bana ba bona?

Ps 127:​3-5; 128:3

Sheba le “Bana; Bacha

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • Ge 33:​4, 5—Jakobo o ne a nka bana ba hae e le limpho tse tsoang ho Jehova

    • Ex 1:​15, 16, 22; 2:​1-4; 6:20—Ka mor’a hore Moshe a tsoaloe, batsoali ba hae e leng Amrame le Jokebede ba ile ba beha bophelo ba bona kotsing e le hore ba mo sireletse

Batsoali ba lokela ho etsa’ng ha ba ntse ba holisa bana ba bona?

De 6:​6, 7; 11:​18, 19; Pr 22:6; 2Ko 12:14; 1Ti 5:8

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • 1Sa 1:​1-4—Elkana o ne a tloaetse ho isa lelapa la hae meketeng e neng e tšoareloa Shilo ’me o ne a etsa bonnete ba hore bana ba hae ba etsa lintho tsohle tse etsoang meketeng eo

    • Lu 2:​39, 41—Josefa le Maria ba ne ba tloaetse ho tsamaea le bana ba bona ha ba tloha Nazaretha ba ea Jerusalema moketeng oa Paseka

Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa ho koetlisa bana ba hao hore ba mamele Jehova?

Pr 1:​8, 9; 22:6

Sheba le 2Ti 3:​14, 15

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • 1Sa 2:​18-21, 26; 3:19—Batsoali ba Samuele ba ile ba fana ka eena hore a sebetse tabernakeleng. Ba ne ba lula ba mo chakela e le hore ba mo thuse ka lintho tseo a li hlokang ’me o ile a hola a rata Jehova

    • Lu 2:​51, 52—Jesu o ile a lula a mamela batsoali ba hae le hoja ka linako tse ling ba ne ba etsa liphoso

Ke keletso efe ea Bibele e ka thusang batsoali hore ba holise bana ba bona ka tsela e nepahetseng?

De 6:​4-9; Ef 6:4; 2Ti 3:​14-17

Sheba le Ps 127:1; Pr 16:3

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • Bhl 13:​2-8—Ka mor’a hore lengeloi le bolelle Manooa hore mosali oa hae o tla ba le mora, Manooa o ile a botsa lengeloi leo hore na ba holise ngoana eo joang

    • Ps 78:​3-8—Jehova o batla hore batsoali ba rute bana ba bona lintho tseo ba ithutang tsona Bibeleng

Ke hobane’ng ha ngoana a ka khaotsa ho sebeletsa Jehova le hoja a holetse lelapeng la batho ba ratang Molimo?

Eze 18:​1-13, 20

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • Ge 6:​1-5; Ju 6—Mangeloi a mangata a ile a fetohela Jehova le hoja a qetile lilemo tse ngata a e-na le eena leholimong

    • 1Sa 8:​1-3—Samuele o ne a tšepahala ebile e le moprofeta ea lokileng empa bara ba hae ba ne ba sa tšepahale ba bile ba qhekella batho

Batsoali ba lokela ho qala neng ho ruta bana ba bona ka Jehova?

2Ti 3:15

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang

    • De 29:​10-12, 29; 31:12; Esd 10:1—Ha Baiseraele ba ne ba kopana hammoho e le hore ba ka ithuta ka Jehova, ba ne ba tsamaea le bana ba bona e le hore le bona ba ka ithuta ka Eena

    • Lu 2:​41-52—Selemo le selemo Josefa le Maria ba ne ba tloaetse ho tsamaea le bana ba bona ho akarelletsa le Jesu ha ba ea moketeng oa Paseka o neng o tšoareloa tempeleng e Jerusalema

Ke mehlala efe eo batsoali ba ka e etsisang ho sireletsa bana ba bona?

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • Ex 19:4; De 32:​11, 12—Jehova o itšoantša le ntsu e jarang, e sireletsang le ho hlokomela malinyane a eona

    • Esa 49:15—Jehova o tšepisa hore o tla hlokomela bahlanka ba hae ho feta kamoo ’mè a hlokomelang ngoana oa hae ea anyang

    • Mat 2:​1-16—Satane o ile a leka ho bolaea Jesu ha e ntse e le lesea ka hore a etse hore balepi ba linaleli ba bolelle Morena Heroda ea khopo ka Jesu. Empa Jehova o ile a sireletsa mora oa hae ka hore a laele Josefa hore eena le lelapa la hae ba fallele Egepeta

    • Mat 23:37—Jesu o ile a bontša kamoo a batlang ho thusa batho kateng ka hore a itšoantše le khoho e bokellang litsuonyana tsa eona tlas’a mapheo a eona

Ke hobane’ng ha batsoali ba lokela ho ruta bana ba bona ka thobalano?

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • Le 15:​2, 3, 16, 18, 19; De 31:​10-13—Molao oo Molimo a neng a o file Baiseraele a sebelisa Moshe o ne o bontša hore na o ikutloa joang ka thobalano. Jehova o ne a batla hore bana le bona ba tsebe Molao ona, ke kahoo a ileng a laela hore le bona ba be teng ha o baloa

    • Ps 139:​13-16—Mopesaleme Davida o ile a rorisa Jehova ka tsela e hlollang eo ’mele oa motho o entsoeng ka eona le bokhoni boo batho ba nang le bona ba ho ba le bana

    • Pr 2:​10-15—Jehova o re fa tsebo le bohlale tse ka re sireletsang ho batho ba khopo le ba etsang lintho tse mpe

Ke hobane’ng ha batsoali ba lokela ho khalemela bana ba bona ka tsela e bontšang hore baa ba rata?

Pr 13:24; 29:17; Jer 30:11; Ef 6:4

Sheba le Ps 25:8; 145:9; Kol 3:21

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • Ps 32:​1-5—Jehova o ile a fa Morena Davida kotlo ka lebaka la sebe sa hae leha ho le joalo Davida o ile a khothatsoa ke ho tseba hore Jehova o tšoarela batho ba bakelang libe tsa bona

    • Jon 4:​1-11—Moprofeta Jonase o ile a halefa ’me a bua le Jehova ka tsela e se nang tlhompho empa Jehova o ile a bua le eena ka mosa e leng se ileng sa ruta Jonase hore Jehova o mohau

Ha batsoali ba khalemela bana ba bontša joang hore baa ba rata?