Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Mahloriso

Mahloriso

Ke hobaneng ha Bakreste ba sa lokela ho makala ha ba hloriswa?

Ke hobaneng ha re lokela ho kopa Jehova hore a re fe matla ha re hloriswa?

Ps 55:22; 2Ko 12:​9, 10; 2Ti 4:​16-18; Heb 13:6

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • 1Ma 19:​1-18—Ha moprofeta Elia a ne a hloriswa, o ile a rapela mme Jehova a mo kgothatsa le ho mo tshedisa

    • Dik 7:​9-15—Ha Josefa a ne a hloriswa ke bana babo, Jehova o ile a dula a ena le yena a ba a mo sebedisa hore a pholose lelapa labo

Re ka hloriswa ka ditsela dife?

Re ka songwa

2Kr 36:16; Mat 5:11; Dik 19:9; 1Pe 4:4

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • 2Ma 18:​17-35—Rabshake, mmuelli wa morena wa Asiria o ile a rohaka Jehova le batho ba Jerusalema

    • Lu 22:​63-65; 23:​35-37—Ka mora hore Jesu a tshwarwe, batho ba neng ba mo hlorisa ba ile ba mo rohaka le ho mo soma le ha a se a le palong

Re ka hloriswa ke ba lelapa

Re ka tshwarwa ra ba ra lokela ho hlaha ka pela makgotla a dinyewe

Re ka shapuwa

Re ka hlaselwa ke batho ba motse

Re ka bolawa

Bakreste ba lokela ho etsang ha ba hloriswa?

Mat 5:44; Dik 16:25; 1Ko 4:​12, 13; 1Pe 2:23

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • Dik 7:57–8:1—Setefane o ile a hlaselwa ke sehlopha sa batho se neng se akareletsa Saule wa Tarsase. Pele a shwa o ile a kopa Jehova hore a ba tshwarele

    • Dik 16:​22-34—Ha moapostola Pauluse a ne a le teronkong ka mora hore a shapuwe le ho tshwarwa hampe, o ile a tshwara molebedi wa teronko hantle mme monna eo le ba lelapa la hae e ile ya eba Bakreste

Bakreste ba mehleng ya baapostola ba ile ba tshwarwa jwang?

Re lokela ho ba le maikutlo afe ha re hloriswa?

Tshepo eo re nang le yona e re thusa jwang ha re hloriswa?

Ke hobaneng ha re sa lokela ho dumella batho ba re hlorisang hore ba re tshose, ba re nyahamise kapa ba etse hore re swabele dintho tseo re di dumelang hona ke hobaneng ha re lokela ho tswela pele re sebeletsa Jehova?

Ps 56:​1-4; Dik 4:​18-20; 2Ti 1:​8, 12

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • 2Kr 32:​1-22—Ha Morena Sankeribe a ne a hlasela Jerusalema ka lebotho la hae le leholo, Morena Ezekiase o ile a tshepa Jehova a ba a kgothatsa setjhaba mme ka lebaka leo o ile a hlohonolofatswa

    • Heb 12:​1-3—Batho ba neng ba hlorisa Jesu ba ne ba leka ho mo tlotlolla empa ha a ka a dumella dintho tseo ba neng ba mo etsa tsona hore di mo nyahamise

Ke dintho dife tse thabisang tse ka etsahalang ha re hloriswa?

Re thabisa Jehova ebile re halaletsa lebitso la hae ha re mamella mahloriso

1Pe 2:​19, 20; 4:​12-16

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • Job 1:​6-22; 2:​1-10—Jobo o ne a sa tsebe hore ke Satane ya neng a mo hlorisa, ho ntse ho le jwalo o ile a tshepahalla Jehova. Ntho eo a ileng a e etsa e ile ya bontsha hore Satane o leshano mme ya halaletsa lebitso la Jehova

    • Dan 1:​6, 7; 3:​8-30—Hanania, Mishaele le Azaria (Shadrake, Meshake le Abednego) ba ne ba ikemiseditse ho shwa hobane ba batla ho mamela Jehova. Tumelo ya bona e ile ya etsa hore Morena Nebukadnezare a rorise Jehova

Batho ba bang ba ka batla ho ithuta ka Jehova ha ba bona re hloriswa

Lu 21:​12, 13; Dik 8:​1, 4

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • Dik 11:​19-21—Bakreste ba ileng ba tloha moo ba dulang ka lebaka la ho hloriswa, ba ile ba tswela pele ho bolela ditaba tse monate dibakeng tse ding tse ngata

    • Baf 1:​12, 13—Moapostola Pauluse o ile a thaba ha a utlwa hore batho ba bangata ba ithuta ka Jehova hobane ba utlwile hore o kwalletswe teronkong ka lebaka la ho bolela ditaba tse monate

Bakrestemmoho le rona ba ba le tumelo e matla ha ba bona re mamella ha re hloriswa

Baetapele ba bodumedi le boradipolotiki ba etsang e le hore Bakreste ba hloriswe?

Jer 26:11; Mar 3:6; Joh 11:​47, 48, 53; Dik 25:​1-3

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • Dik 19:​24-29—Batho ba Efese ba neng ba etsa le ho rekisa ditshwantsho tse neng di sebediswa borapeding ba bohata, ba ile ba hlorisa Bakreste hobane ba re molaetsa wa bona o tla senya kgwebo ya bona

    • Gal 1:​13, 14—Pele Pauluse e eba Mokreste, o ile a hlorisa Bakreste hobane a ne a tjhesehela bodumedi ba Bojuda

Ke mang ya susumeletsang batho hore ba hlorise Dipaki Tsa Jehova?