Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Thapelo

Thapelo

Re tseba joang hore Jehova o mamela lithapelo ebile oa li araba?

Ps 65:2; 145:18; 1Jo 5:14

Sheba le Ps 66:19; Lik 10:31; Heb 5:7

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • 1Ma 18:​36-38—Ha baprofeta ba Baale ba ne ba ngangisana le Elia Thabeng ea Karmele, Jehova o ile a araba thapelo ea Elia kapele

    • Mat 7:​7-11—Jesu o ile a re khothaletsa hore re lule re rapela ’me a re tiisetsa hore Ntate oa rona ea lerato Jehova o mamela lithapelo tsa rona

Ke mang eo Bakreste ba lokelang ho mo rapela?

Re lokela ho rapela ka lebitso la mang?

Jehova o mamela lithapelo tsa batho ba joang?

Jehova ha aa mamele lithapelo tsa batho ba joang?

Pr 15:29; 28:9; Esa 1:15; Mik 3:4; Jak 4:3; 1Pe 3:7

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • Jos 24:​9, 10—Jehova o ile a hana ho mamela thapelo ea Balame hobane e ne e sa lumellane le thato ea hae

    • Esa 1:​15-17—Baiseraele e ne e le baikaketsi ba bile ba bolaeana ke kahoo Jehova a neng a sa mamele lithapelo tsa bona

Re lokela ho re’ng qetellong ea thapelo hona hobane’ng?

Na Bibele e re re lokela ho khumama, ho ema kapa ho lula ka tsela e itseng ha re rapela?

Bahlanka ba Jehova ba ka rapella eng ha ba kopane?

Lik 4:​23, 24; 12:5

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • 1Kr 29:​10-19—Morena Davida o ile a rapela ka pel’a Baiseraele ha sechaba se ne se ntša monehelo oa ho haha tempele

    • Lik 1:​12-14—Baapostola, bana ba bo Jesu, Maria ’mè oa Jesu le basali ba bang ba ratang Molimo, ba ne ba rapela hammoho ba le kamoreng e ka holimo ntlong e ’ngoe e Jerusalema

Ke hobane’ng ha re sa lokela ho ikhohomosa kapa ho leka ho khahlisa batho ha re rapela?

Ke hobane’ng ha re lokela ho rapela pele re ja?

Ke hobane’ng ha re lokela ho rapela kamehla?

Bar 12:12; Ef 6:18; 1Th 5:17; 1Pe 4:7

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • Dan 6:​6-10—Daniele o ile a tsoela pele ho rapela Jehova moo batho ba neng ba mo bona le hoja ho etsa joalo ho ne ho ka etsa hore a bolaoe

    • Lu 18:​1-8—Jesu o ile a etsa papiso ka moahloli ea sa hlompheng Molimo ea ileng a thusa mosali ea neng a kopa hore nyeoe ea hae e sebetsoe ka toka. Papiso ena ea bontša hore le rona Jehova o tla re mamela haeba re mo rapela re sa khathale

Re lokela ho itšoara joang haeba re batla hore Jehova a re mamele ha re mo kopa hore a re tšoarele?

2Kr 7:​13, 14

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • 2Ma 22:​11-13, 18-20—Jehova o ile a ba mosa ho Morena Josiase a ba a mo hauhela hobane Josiase o ne a ikokobelitse, a batla ho thabisa Jehova

    • 2Kr 33:​10-13—Morena Manase o ile a ikokobetsa ha a rapela Jehova ’me ka lebaka la seo, Jehova o ile a mo tšoarela a ba a mo etsa morena hape

Re lokela ho etsa’ng e le hore Jehova a re tšoarele?

Ke hobane’ng ha re lokela ho rapella hore thato ea Molimo e etsoe lefatšeng?

Ke hobane’ng ha lithapelo tsa rona li lokela ho bontša hore re na le tumelo ho Jehova?

Re lokela ho rapella eng?

Hore lebitso la Molimo le halaletsoe

Hore ’Muso oa Molimo o tl’o busa lefatšeng lohle

Thato ea Jehova e etsahale lefatšeng

Jehova a re fe lintho tseo re li hlokang

Re tšoareloe libe

Jehova a re thuse ho hlola liteko

Re lebohe Jehova

Jehova a re thuse ho tseba le ho utloisisa thato ea hae le hore a re fe bohlale

Pr 2:​3-6; Baf 1:9; Jak 1:5

Sheba le Ps 119:34

  • Mohlala oa Bibele o ka u thusang:

    • 1Ma 3:​11, 12—Morena Solomone o ile a kopa hore Jehova a etse hore a be bohlale ’me Jehova o ile a arabela thapelo ea hae

Jehova a re fe moea o halalelang

Re ka rapella Bakreste-’moho le rona ho akareletsa le ba hlorisoang

Re ka rorisa Jehova

Ps 86:12; Esa 25:1; Dan 2:23

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • Lu 10:21—Jesu o ile a rorisa Ntate oa hae ka pel’a batho hobane Ntate oa hae o ile a thusa batho ba ikokobelitseng joaloka bana hore ba mo tsebe

    • Tše 4:​9-11—Mangeloi a fa Jehova tlhompho le khanya e mo tšoanelang

Re ka kopa Jehova a etse hore batho ba nang le matla pusong ba re lumelle ho mo sebeletsa le ho ruta batho Bibele

Na le rona re ka rapela nakong eo re kolobetsoang?

Na ho loketse ho rapella batho bao tumelo ea bona e seng e fokola?

Ke hobane’ng ha banna ba sa lokela ho roala hloohong ha ba rapela hape ke hobane’ng ha ka linako tse ling basali ba roala hloohong ha ba rapela?

Na Jehova o khahloa ke lithapelo tse telele kapa ha re mo rapela ka pelo eohle?

Lil 3:41; Mat 6:7

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • 1Ma 18:​25-29, 36-39—Baprofeta ba Baale ba ile ba rapela molimo oa bona ka makhetlo empa ha aa ka a ba araba

    • Lik 19:​32-41—Batho ba neng ba rapela litšoantšo Efese ba ile ba qeta lihora tse peli ba rapela molimotsana Artemise empa moeta-pele oa motse o ile a ba khalemela a re ba emise