Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Thapelo

Thapelo

Re tseba jwang hore Jehova o mamela dithapelo ebile o a di araba?

Ps 65:2; 145:18; 1Jo 5:14

Sheba le Ps 66:19; Dik 10:31; Heb 5:7

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • 1Ma 18:​36-38—Ha baprofeta ba Baale ba ne ba ngangisana le Elia Thabeng ya Karmele, Jehova o ile a araba thapelo ya Elia kapele

    • Mat 7:​7-11—Jesu o ile a re kgothaletsa hore re dule re rapela mme a re tiisetsa hore Ntate wa rona ya lerato Jehova o mamela dithapelo tsa rona

Ke mang eo Bakreste ba lokelang ho mo rapela?

Re lokela ho rapela ka lebitso la mang?

Jehova o mamela dithapelo tsa batho ba jwang?

Jehova ha a mamele dithapelo tsa batho ba jwang?

Pr 15:29; 28:9; Esa 1:15; Mik 3:4; Jak 4:3; 1Pe 3:7

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • Jos 24:​9, 10—Jehova o ile a hana ho mamela thapelo ya Balame hobane e ne e sa dumellane le thato ya hae

    • Esa 1:​15-17—Baiseraele e ne e le baikaketsi ba bile ba bolayana ke ka hoo Jehova a neng a sa mamele dithapelo tsa bona

Re lokela ho reng qetellong ya thapelo hona hobaneng?

Na Bibele e re re lokela ho kgumama, ho ema kapa ho dula ka tsela e itseng ha re rapela?

Bahlanka ba Jehova ba ka rapella eng ha ba kopane?

Dik 4:​23, 24; 12:5

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • 1Kr 29:​10-19—Morena Davida o ile a rapela ka pela Baiseraele ha setjhaba se ne se ntsha monehelo wa ho haha tempele

    • Dik 1:​12-14—Baapostola, bana ba bo Jesu, Maria mme wa Jesu le basadi ba bang ba ratang Modimo, ba ne ba rapela ha mmoho ba le kamoreng e ka hodimo ntlong e nngwe e Jerusalema

Ke hobaneng ha re sa lokela ho ikgohomosa kapa ho leka ho kgahlisa batho ha re rapela?

Ke hobaneng ha re lokela ho rapela pele re ja?

Ke hobaneng ha re lokela ho rapela ka mehla?

Bar 12:12; Ef 6:18; 1Th 5:17; 1Pe 4:7

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • Dan 6:​6-10—Daniele o ile a tswela pele ho rapela Jehova moo batho ba neng ba mo bona le hoja ho etsa jwalo ho ne ho ka etsa hore a bolawe

    • Lu 18:​1-8—Jesu o ile a etsa papiso ka moahlodi ya sa hlompheng Modimo ya ileng a thusa mosadi ya neng a kopa hore nyewe ya hae e sebetswe ka toka. Papiso ena e a bontsha hore le rona Jehova o tla re mamela haeba re mo rapela re sa kgathale

Re lokela ho itshwara jwang haeba re batla hore Jehova a re mamele ha re mo kopa hore a re tshwarele?

2Kr 7:​13, 14

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • 2Ma 22:​11-13, 18-20—Jehova o ile a ba mosa ho Morena Josiase a ba a mo hauhela hobane Josiase o ne a ikokobeditse, a batla ho thabisa Jehova

    • 2Kr 33:​10-13—Morena Manase o ile a ikokobetsa ha a rapela Jehova mme ka lebaka la seo, Jehova o ile a mo tshwarela a ba a mo etsa morena hape

Re lokela ho etsang e le hore Jehova a re tshwarele?

Ke hobaneng ha re lokela ho rapella hore thato ya Modimo e etswe lefatsheng?

Ke hobaneng ha dithapelo tsa rona di lokela ho bontsha hore re na le tumelo ho Jehova?

Re lokela ho rapella eng?

Hore lebitso la Modimo le halaletswe

Hore Mmuso wa Modimo o tlo busa lefatsheng lohle

Thato ya Jehova e etsahale lefatsheng

Jehova a re fe dintho tseo re di hlokang

Re tshwarelwe dibe

Jehova a re thuse ho hlola diteko

Re lebohe Jehova

Jehova a re thuse ho tseba le ho utlwisisa thato ya hae le hore a re fe bohlale

Pr 2:​3-6; Baf 1:9; Jak 1:5

Sheba le Ps 119:34

  • Mohlala wa Bibele o ka o thusang:

    • 1Ma 3:​11, 12—Morena Solomone o ile a kopa hore Jehova a etse hore a be bohlale mme Jehova o ile a arabela thapelo ya hae

Jehova a re fe moya o halalelang

Re ka rapella Bakrestemmoho le rona ho akareletsa le ba hloriswang

Re ka rorisa Jehova

Ps 86:12; Esa 25:1; Dan 2:23

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • Lu 10:21—Jesu o ile a rorisa Ntate wa hae ka pela batho hobane Ntate wa hae o ile a thusa batho ba ikokobeditseng jwalo ka bana hore ba mo tsebe

    • Tshe 4:​9-11—Mangeloi a fa Jehova tlhompho le kganya e mo tshwanelang

Re ka kopa Jehova a etse hore batho ba nang le matla pusong ba re dumelle ho mo sebeletsa le ho ruta batho Bibele

Na le rona re ka rapela nakong eo re kolobetswang?

Na ho loketse ho rapella batho bao tumelo ya bona e seng e fokola?

Ke hobaneng ha banna ba sa lokela ho rwala hloohong ha ba rapela hape ke hobaneng ha ka dinako tse ding basadi ba rwala hloohong ha ba rapela?

Na Jehova o kgahlwa ke dithapelo tse telele kapa ha re mo rapela ka pelo yohle?

Dil 3:41; Mat 6:7

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • 1Ma 18:​25-29, 36-39—Baprofeta ba Baale ba ile ba rapela modimo wa bona ka makgetlo empa ha a ka a ba araba

    • Dik 19:​32-41—Batho ba neng ba rapela ditshwantsho Efese ba ile ba qeta dihora tse pedi ba rapela modimotsana Artemise empa moetapele wa motse o ile a ba kgalemela a re ba emise