Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Bolella Batho Litaba Tse Monate

Bolella Batho Litaba Tse Monate

Ke hobane’ng ha Bakreste ba ’nete ba bolella batho ba bang lintho tseo ba li lumelang?

Ke’ng e bontšang hore Jesu o ne a nka mosebetsi oa ho bolella batho litaba tse monate e le oa bohlokoa?

Lu 8:1; Joh 18:37

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • Lu 4:​42-44—Jesu o ile a re o rometsoe lefatšeng ho tla bolella batho litaba tse monate

    • Joh 4:​31-34—Jesu o ile a re mosebetsi oa ho bolella batho litaba tse monate o joaloka lijo ho eena

Na banna ba etellang pele ka phuthehong ke bona feela ba lokelang ho bolella batho ba bang litaba tse monate?

Ps 68:11; 148:​12, 13; Lik 2:​17, 18

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • 2Ma 5:​1-4, 13, 14, 17—Ngoanana oa Moiseraele o ile a bolella mosali oa Naamane ka Elisha moprofeta oa Jehova

    • Mat 21:​15, 16—Jesu o ile a khalemela baprista ba baholo le bangoli ha ba ne ba hanela bashanyana ho mo rorisa tempeleng

Bara ba bo rona ba etellang pele ba ka thusa ba bang joang ka phuthehong hore ba bolele le ho ruta litaba tse monate?

Jehova le Jesu ba re thusa joang hore re khone ho bolella batho litaba tse monate?

2Ko 4:7; Baf 4:13; 2Ti 4:17

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • Lik 16:​12, 22-24; 1Th 2:​1, 2—Le hoja moapostola Pauluse le metsoalle ea hae ba ne ba hlorisoa, Jehova o ile a ba fa sebete sa ho tsoela pele ba bolela litaba tse monate

    • 2Ko 12:​7-9—Le hoja moapostola Pauluse a ne a e-na le “moutloa nameng” oo ho ka etsahalang hore ebe e ne e le ho kula, Jehova o ile a mo fa matla a hore a ’ne a tsoele pele ho bolela litaba tse monate

Ke mang ea thusang Bakreste hore ba tšoanelehe ho bolela litaba tse monate?

1Ko 1:​26-28; 2Ko 3:5; 4:13

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • Joh 7:15—Batho ba ne ba makaletse tsebo eo Jesu a neng a e-na le eona le hoja a ne a sa ea likolong tsa bolumeli

    • Lik 4:13—Le hoja batho ba ne ba nka baapostola ba Jesu e le batho feela ba sa rutehang, baapostola ba ne ba cheseha ebile ba bolela ka sebete

Re tseba joang hore Jehova o batla hore re koetlise ba bang hore ba khone ho bolela le ho ruta litaba tse monate?

Mar 1:17; Lu 8:1; Ef 4:​11, 12

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • Esa 50:​4, 5—Pele Mesia a tla lefatšeng, Jehova Molimo o ile a mo koetlisa

    • Mat 10:​5-7—Ha Jesu a ntse a le lefatšeng, o ile a koetlisa barutuoa ba hae hore ba bolele litaba tse monate

Re lokela ho ikutloa joang ka mosebetsi oa ho bolela litaba tse monate?

Re ikutloa joang ha re etsa mosebetsi oa ho bolela litaba tse monate?

Ke litaba life tse monate tseo re li bolellang batho?

Ke hobane’ng ha re hlokomelisa batho lithuto tsa bohata tseo ba li rutoang?

2Ko 10:​4, 5

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • Mar 12:​18-27—Jesu o ile a bontša ka Mangolo hore Basaduse ba fositse ha ba re ha ho na tsoho ea bafu

    • Lik 17:​16, 17, 29, 30—Moapostola Pauluse o ile a bontša Baathene hore ho rapela litšoantšo ho fosahetse

Re etsa mosebetsi oa ho bolela litaba tse monate joang?

Ke hobane’ng ha re bua le batho ka litaba tse monate libakeng tsa sechaba?

Ke hobane’ng ha re lokela ho ba le mamello ha re etsa mosebetsi oa ho bolela litaba tse monate?

Mosebetsi oa ho bolela litaba tse monate o thusa batho ba bang joang?

Ke hobane’ng ha re lokela ho ikemisetsa ho bua le batho ka litaba tse monate ha monyetla o hlaha?

1Ko 9:23; 1Ti 2:4; 1Pe 3:15

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • Joh 4:​6, 7, 13, 14—Le hoja Jesu a ne a khathetse, o ile a bolella mosali oa Mosamaria litaba tse monate selibeng

    • Baf 1:​12-14—Moapostola Pauluse o ile a bua le batho ba bang ka litaba tse monate a ba a ba khothatsa le hoja a ne a koaletsoe teronkong

Na ke batho bohle ba tla re mamela ha re ba bolella litaba tse monate?

Joh 10:​25, 26; 15:​18-20; Lik 28:​23-28

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • Jer 7:​23-26—Jehova o ile a sebelisa Jeremia ho hlalosa hore sechaba sa hae se hanne ho mamela baprofeta ba hae ka makhetlo

    • Mat 13:​10-16—Jesu o ile a re batho ba ne ba tla hana ho mamela litaba tse monate joaloka mehleng ea Esaia

Ke hobane’ng ha re sa makale ha re bona batho ba se na nako ea ho mamela molaetsa oa rona?

Re tseba joang hore batho ba bang ba tla amohela molaetsa oa rona qalong empa hamorao ba khaotse ho lumela molaetsa oo?

Ke mehlala efe ea Bibele e bontšang hore ha rea lokela ho makala ha batho ba re thibela ho bolela litaba tse monate?

Re lokela ho etsa’ng ha batho ba re thibela ho bolela litaba tse monate?

Re tseba joang hore batho ba bang ba tla re mamela ha re bua le bona ka litaba tse monate?

Jehova o lebeletse hore batho ba tsebang litaba tse monate ba etse’ng?

Ke hobane’ng ha re lokela ho bolela litaba tse monate ho batho ba malumeli ’ohle, ba merabe eohle le ba linaha tse fapaneng?

Na ke phoso ho bolela litaba tse monate ka letsatsi leha e le lefe la beke, ho akareletsa le ka Sabatha?

Ke mehlala efe ea Bibele e bontšang hore re lokela ho bolella batho bohle litaba tse monate le haeba ba e-na le Bibele kapa e le ba bolumeli bo itseng?