Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho Baka

Ho Baka

Ke hobaneng ha batho bohle ba lokela ho baka mme ba kope hore Jehova a ba tshwarele?

Bar 3:23; 5:12; 1Jo 1:8

Sheba le Dik 26:20

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • Lu 18:​9-14—Jesu o ile a etsa papiso e bontshang hore re lokela ho bolela dibe tsa rona re be re rapelle hore Jehova a re thuse

    • Bar 7:​15-25—Pauluse e ne e le moapostola ya nang le tumelo e matla empa o ne a utlwiswa bohloko ke diphoso tsa hae

Jehova o ikutlwa jwang ha motho a bakela dibe tsa hae?

Eze 33:11; Bar 2:4; 2Pe 3:9

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • Lu 15:​1-10—Jesu o ile a etsa papiso e bontshang hore Jehova le mangeloi ba a thaba ha motho a bakela dibe tsa hae

    • Lu 19:​1-10—Jesu o ile a tshwarela Zakiase eo e neng e le mmokelli e moholo wa lekgetho ha a bontsha hore o swabetse diketso tsa hae tsa ho nkela batho dintho ka bolotsana

Re ka bontsha jwang hore ka nnete re bakile?

Tsebo e nepahetseng ya nnete e ka thusa motho ya bakileng jwang?

Bar 12:2; Kol 3:​9, 10; 2Ti 2:25

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • Dik 17:​29-31—Moapostola Pauluse o ile a hlalosetsa Baathene hore Modimo ha a tshwane le ditshwantsho tseo ba iketseditseng tsona mme a ba kgothaletsa hore ba bake

    • 1Ti 1:​12-15—Moapostola Pauluse o ile a etsa dibe tse kgolo pele a ithuta ka Jesu Kreste

Ke hobaneng ha ho le bohlokwa hore motho a bake?

Re tseba jwang hore le haeba re ka etsa dibe ka makgetlo a mangata, haeba re baka Jehova o tla re tshwarela?

Jehova o etsang ha motho a bolela dibe tsa hae a bile a fetola tsela eo a etsang dintho ka yona?

Re tseba jwang hore motho ya bakileng o a fetoha, ha a felle feela ka ho kopa tshwarelo le ho ikutlwa a le molato?

2Kr 7:14; Pr 28:13; Eze 18:​30, 31; 33:​14-16; Mat 3:8; Dik 3:19; 26:20

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • 2Kr 33:​1-6, 10-16—Le hoja Morena Manase a ile a etsa dibe tse kgolo, o ile a baka e le ka nnete, a ikokobetsa, a tswela pele ho rapela a ba a fetola bophelo ba hae

    • Ps 32:​1-6; 51:​1-4, 17—Morena Davida o ile a bontsha hore o bakile ha a ne a rapela Jehova a mo bolella dibe tsa hae a bile a kopa tshwarelo

Ke hobaneng ha re lokela ho tshwarela batho ba re sitetsweng haeba ba bakile?