Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho Rarolla Liqabang

Ho Rarolla Liqabang

Ke hobane’ng ha re sa lokela ho halefa kapa ho iphetetsa ha motho e mong a re utloisitse bohloko?

Pr 20:22; 24:29; Bar 12:​17, 18; Jak 1:​19, 20; 1Pe 3:​8, 9

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • 1Sa 25:​9-13, 23-35—Ka mor’a hore Nabale a rohake Davida le banna bao a neng a e-na le bona a be a hane ho ba thusa, Davida o ile a nkoa ke pelo eaba o etsa qeto ea ho bolaea Nabale le banna ba ntlo ea hae empa Abigaile o ile a bua le Davida hore a se ke a iphetetsa

    • Pr 24:​17-20—Jehova o ile a sebelisa Morena Solomone hore a lemose batho ba Molimo hore ha aa batle hore ba thabe ha lira tsa bona li hlaheloa ke lintho tse bohloko hobane ke eena ea tla li ahlola

Ha Mokreste a qabane le motho e mong, na o lokela ho khaotsa ho mo buisa le ho ba motsoalle oa hae?

Le 19:​17, 18; 1Ko 13:​4, 5; Ef 4:26

  • Mohlala oa Bibele o ka u thusang:

    • Mat 5:​23, 24—Jesu o ile a re re lokela ho sebetsa ka thata hore re etse khotso le Bakreste-’moho le rona ha ba re etselitse liphoso

Re lokela ho etsa’ng haeba motho e mong a re utloisitse bohloko?

Ke hobane’ng ha re lokela ho tšoarela le batho ba re fosetsang hangata?

Ha Mokreste-’moho a u utloisitse bohloko, mohlomong a u sentse lebitso kapa a u etselitse bolotsana ’me u sa khone ho iphapanyetsa taba eo, ke mang ea lokelang ho bua le eena hona ka morero ofe?

Mat 18:15

Sheba le Jak 5:20

U lokela ho etsa’ng haeba motho ea u sentseng lebitso kapa ea u etselitseng bolotsana a sa soabele seo a se entseng ka mor’a hore u bue le eena moo le leng bang?