Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho Rarolla Diqabang

Ho Rarolla Diqabang

Ke hobaneng ha re sa lokela ho halefa kapa ho iphetetsa ha motho e mong a re utlwisitse bohloko?

Pr 20:22; 24:29; Bar 12:​17, 18; Jak 1:​19, 20; 1Pe 3:​8, 9

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • 1Sa 25:​9-13, 23-35—Ka mora hore Nabale a rohake Davida le banna bao a neng a ena le bona a be a hane ho ba thusa, Davida o ile a nkwa ke pelo yaba o etsa qeto ya ho bolaya Nabale le banna ba ntlo ya hae empa Abigaile o ile a bua le Davida hore a se ke a iphetetsa

    • Pr 24:​17-20—Jehova o ile a sebedisa Morena Solomone hore a lemose batho ba Modimo hore ha a batle hore ba thabe ha dira tsa bona di hlahelwa ke dintho tse bohloko hobane ke yena ya tla di ahlola

Ha Mokreste a qabane le motho e mong, na o lokela ho kgaotsa ho mo buisa le ho ba motswalle wa hae?

Le 19:​17, 18; 1Ko 13:​4, 5; Ef 4:26

  • Mohlala wa Bibele o ka o thusang:

    • Mat 5:​23, 24—Jesu o ile a re re lokela ho sebetsa ka thata hore re etse kgotso le Bakrestemmoho le rona ha ba re etseditse diphoso

Re lokela ho etsang haeba motho e mong a re utlwisitse bohloko?

Ke hobaneng ha re lokela ho tshwarela le batho ba re fosetsang hangata?

Ha Mokrestemmoho a o utlwisitse bohloko, mohlomong a o sentse lebitso kapa a o etseditse bolotsana mme o sa kgone ho iphapanyetsa taba eo, ke mang ya lokelang ho bua le yena hona ka morero ofe?

Mat 18:15

Sheba le Jak 5:20

O lokela ho etsang haeba motho ya o sentseng lebitso kapa ya o etseditseng bolotsana a sa swabele seo a se entseng ka mora hore o bue le yena moo le leng bang?